Mehleng eo Hesekiya a kulela lefu. Yaba moporofeta Esaya, mora wa Amose, o fihla ho yena, o re: “Morena o bua tjena: Lokisa tsa lelapa la hao, hobane o tla shwa; o ke ke wa hlola o phela. ”
“Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.
“Eya, o bolelle Hesekiya, o re: Morena Modimo wa ntataomoholo Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.
Moriti wa letsatsi o hodima letlapa le supang nako, le entsweng ke Akase, ke tla o tjhetjhisetsa morao ka mehato e leshome. ” Yaba moriti o tjhetjhella morao ka mehato e leshome eo o neng o se o e tsamaile.
Leaho la ka le qhaqholotswe, le tlositswe ho nna, le qhaqholotswe jwaloka motebo wa modisana. Tshiu tsa ka di kgaotswe sa selohi se kgaola dikgwele, kgwele tse lohang lesela, tsa ba tsa kgaolwa jwalokaha tshwele e kgaolwa. Ka dinako tsohle ke ne ke re o tla ntimetsa.
Ka lla sa lefokotsane kapa sa moholodi, ka kuruetsa sa leebana-kgorwana. Mahlo a ka a kgathetse ke ho lelalela hodimo, Morena, ke ditlallong, tloo, o tlo nthusa.”
Empa jwale ke tla reng? O buile ho nna, sena se entswe ke yena, ke tla ikokobetsa ka lemo tsohle ha ke ntse ke phela, le hoja pelo ya ka yona e le bohloko.
Morena ke yena ya tla mpholosa; ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, re tla mminela ka diletsa tse nang le dikgwele, re mminele re le ka Tempeleng ya hae.”