Morena, yena ya o bopileng, ya o entseng o sa le popelong, ya tla o thusa, o bua tjena: Se tshabe, wena Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Jeshurune eo ke mo kgethileng.
“Ke tla nesetsa pula naheng e omeletseng, ke phallise melatswana mobung o omeletseng; ke tla theolela Moya wa ka hodima ditloholo tsa hao, ke theolele mahlohonolo a ka hodima tsona.
E mong o tla re: Nna ke wa Morena; e mong yena a ipitse ka lebitso la Jakobo, wa boraro a ngole, a ngole ka letsoho la hae a re: Nna ke wa Morena! ebe o ipitsa ka lebitso la Iseraele.”
Ya tshwanang le nna ke mang? Ha a ke a phatlalatse! A ke a bolele kapele ho nna se etsahetseng haesale ke thea tjhaba sa ka kgalekgale, a bolele le tse tlang ho etsahala. E, a ke a senole tse tlang ho tla.
O se ke wa thothomela, o se ke wa tshaba. Na ha ke a ka ka bolela hoo, ka ho senola kgalekgale? Lona le dipaki tsa ka; na ho teng Modimo e mong kantle ho nna? Tjhe, ha ho Lefika le leng, ha ke tsebe le le leng! ”
Bohle ba etsang medimo ya bohata ke lefeela, medimo eo ba e ratang ke mafeelafeelane. Ba ka e buellang ba foufetse; ha ba bone, ha ba tsebe hore ba tla tlontloloha.
Ba e kgumamelang ba tla tlontloloha, ba e etsang hase letho ke batho feela. A ba ke ba tle kaofela, ba phehe kgang le nna; ba tla kenwa ke tshabo, ba tlontlolohe.
Lelala le nka tshepe le e bese mollong, le e kgobe ka hamore, le bope modimo wa bohata, le e kgobe ka tsoho la lona le sefutho, ho fihlela le lapa, le fellwa ke matla, metsi le sa a nwe, le be le kgathale.
Sebetli sa lehong se lekanya ka kgwele ya sona, se tshwaye moralo wa modingwana ka pene, se sebedise phalo ho betla lehong, ebe se le tshwaya ka ho methang. Jwale ebe se a betla, se etsa tshwantsho sa motho, tshwantsho sa motho ya kgahlehang haholo, se tla bewa ka tlung.
ke patsi eo motho a besang mollo ka yona; e nngwe ya yona o ikomosa ka yona, a bese mollo ho pheha bohobe. O betla le modingwana ka yona, a o kgumamele, a etse modimo wa bohata, a o obamele.
Ka patsi e nngwe o besa mollo, a phehe dijo tsa hae ho wona, a bese nama, a e je, a be a kgore. Mollong oo o ye a ikomose, a re: “A! ke futhumetse, ke orile mollo!”
Ha ho ya keng a inahane, ha ho ya nang le tsebo kapa kutlwisiso ya ho re: “Ke besitse mollo ka patsi e nngwe, ka pheha bohobe ka mashala a yona, ka besa le nama ka ba ka e ja. Na nka etsa modingwana ka patsi e setseng? Na nka obamela sekoqo sa patsi?”
Kgopolo e jwalo e ka ho itjella molora, pelo e thetsehileng e ya mo kgelosa, a ke ke a ipholosa, kapa a re: “Ho ka tsohong la ka le letona na hase thetso?”
Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.
Morena, Molopolli wa hao, yena ya o entseng o sa le popelong, o bua tjena: “Ke nna Morena ya entseng dintho tsohle, ya adileng mahodimo ke le inotshi, ya phutholotseng lefatshe ke le inotshi.
Ke nna ya phethahatsang polelo tsa mohlanka wa ka, ya phethisang merero ya baromuwa ba ka, ya reng ho Jerusalema: O tla ba le baahi! ya reng ho metse ya Juda: Le tla hahuwa! ho dithako tsa yona: Ke tla le tsosa!
Ke nna ya reng ho Siruse: O modisana wa ka, o tla phetha tsohle tseo ke di ratang; o tla re thako tsa Jerusalema di tsoswe, o re metheo ya Tempele e ralwe. ”