Ka ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, ka ba kenya ka kamoreng ya bara ba Hanane, mora wa Jigedaleya, moporofeta wa Modimo ya neng a le haufi le kamore ya mahosana, e neng e le kahodimo ho kamore ya Maasiya, mora wa Shalome, eo e neng e le molebedi wa monyako.
Empa bona ba re: “Re ke ke ra nwa veine, hobane ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, o ne a re laele, a re: Lona le bana ba lona le se ke la nwa veine le ka mohla!
Le se ke la haha le matlo, kapa la jala peo, kapa la lema dirapa tsa morara, kapa la ba le e nngwe ya dintho tsena, empa ka matsatsi wohle a bophelo ba lona le iphelele ditenteng, hore le tle le phele halelele naheng eo le e jakileng.
Kahoo re hlomphile taelo eo ya ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, e leng ho se nwe veine ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona.
Empa ya na yare mohla Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhelang naha ena, ra re: A re tsamayeng, re ikeleng Jerusalema, re baleheng mabotho a Bakalatiya le a Baarame. Ke ka lebaka lena re phelang mona Jerusalema.”
“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsamaya o yo botsa banna ba morabe wa Juda, le baahi ba Jerusalema, o re: Na le hana ho amohela ditaelo tsa ka le ho mamela mantswe a ka? ho rialo Morena.
Ditaelo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ne a laela bara ba hae hore ba se ke ba nwa veine, di phethilwe. Ho fihlela kajeno lena ha ba nwe veine, ba hlompha taelo ya ntata bona moholo. Le hoja nna ke buile le lona ka makgetlokgetlo, ha le a ka la mmamela.
Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.
Ditloholo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, tsona di phethile ditaelo tseo moholoholo wa tsona a neng a di laele tsona, empa setjhaba sena sona ha se a ka sa mmamela.
“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bonang mona, ke tla dihela morabe wa Juda le baahi bohle ba Jerusalema koduwa eo ke ba boleletseng hore ke tla e dihela hodima bona, hobane ke buile le bona, empa ha ba a ka ba mamela; ke ba bitsitse, empa ha ba a ka ba arabela. ”
Yaba Jeremia o re ho ba morabe wa Barekabe: “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Kahobane le hlomphile molao wa ntata lona moholo Jonadabe, la boloka ditaelo tsohle tsa hae, la etsa tsohle ho ya kamoo a le laetseng tsona kateng,