BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa. |
| 2 |
| Morena o bua tjena: “Metsi ke ao, a phorosela ho tswa leboya, a tla ka sekgahla se kang sa sekgohola, a tla aparela naha le tsohle tse ho yona, a aparele metse le baahi ba yona bohle. Banna ba tla tshoha ba hlabe mokgosi, baahi bohle ba naha bona ba bokolle, |
| 3 |
| ha ho utlwahala modumo wa ditlhako, wa ditlhako tsa dipere tsa hae, ho utlwahala lekgarakgara, lekgarakgara la kariki tsa hae tsa ntwa, ho utlwahala le modumo wa mabidi a tsona, bo-ntata ha ba sa tla natsa le bana ba bona, hobane matsoho a bona a tla be a fokola. |
| 4 |
| Tsatsi le fihlile, tsatsi la ho timetsa Bafilesita, basireletsi ba Tire le Sidone ba tla fediswa, hobane Morena o tla timetsa Bafilesita, masalla a sehlekehleke sa Kafatore. |
| 5 |
| Gasa e tla ba bofifing, e beole hlooho, Ashekelone yona e tla ripitlwa. Lona masalla a tjhaba sa Baanake, le tla itlhokofatsa, le lle ho fihlela neng? |
| 6 |
| Wena sabole ya Morena, o tla phomola neng? Boela selateng sa hao, o phomole, o ikgutsetse. |
| 7 |
| E ka kgutsa jwang, Morena a e neile taelo, taelo ya ho futuhela Ashekelone, ya ho futuhela naha tse bopong la lewatle? Ke hona moo Morena a e laoletseng teng.” |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/jeremiah/047.mp3
52
47