Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua ka Moabe, o re: “Ho madimabe Nebo, hobane e ripitlilwe, Kiriataime ba e tlontlolotse, ba e hapile, qhobosheane ba e tlontlolla, ba e thuaka.
Moabe ha e sa tla hlola e roriswa, ba Heshebone ba e reretse ho e timetsa, ba re: Tloong re fedise botjhaba ba yona. Le lona baahi ba Madamene le tla timetswa, sabole le yona e le phaladise.
Kaha le tshepile ketso tsa lona le maruo a lona, le lona Bamoabe le tla thopuwa; Kemoshe le yena o tla thopuwa; a thopuwe le baprista ba hae, a thopuwe le mahosana.
Metse yohle e tla futuhelwa, e futuhelwe ke motimetsi, ha ho motse le o mong o tla phonyoha. Ba phelang ka kgohlong ba tla ripitlwa, ba phelang dithoteng le bona ba timetswe, hobane Morena o boletse jwalo.
“Moabe e iketlile ho tloha botjheng ba yona, e ka veine eo ditshifa tsa yona di qitileng, e sa rokollelweng dinkgong ka ho fapana, le bothopuweng Moabe ha e eso ka e iswa; kahoo boleng ba yona e ntse le ba pele, le monko wa yona ha wa fetoha.
Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla romella barokolli ba dinkgo, mme bona ba tla e rokollela fatshe; dinkgo tsa yona ba tla di tsholla, mepotjwana ya bona yona ba e pshatlake.
Lona ba ahisaneng le Moabe e lleleng, lona bohle ba tsebang botumo ba yona, le re: Lere la puso le la matla le robehile, molamu o tlotlehang o robehile!
“Lona tjhaba se ahileng Dibone, theohang moo tlotleng ya lona, le dule fatshe, mobung o dipekane, hoba ya timetsang Moabe o tla le futuhela, a ripitle metse ya lona e haheleditswe.
Moabe e tlontlolotswe hobane e tamukane! Bokollang, le be le howeletse haholo, le phatlalletse baahi ba Arenone, le phatlalatse hore Moabe e timeditswe.
Lona baahi ba Moabe tswang metseng ya lona, le yo iphelela kwana hara mafika, le ke leeba le hahang sehlaha sa lona, le se hahang dintshing, ntshing tsa faru la lefika.
Wena morara wa Sibema ke a o llela! Ke o llela le ho feta baahi ba Jasere! Makala a morara wa Sibema a thathaletse, a thathaletse ho ya fihla lewatleng la Jasere, mosenyi o lobetse ditholwana, tholwana tsa lehlabula, o lobetse tholwana tsa morara wa hao.
Rapeng tsa difate le masimong a Moabe, thabo le monyaka ha di sa fumanwa. Ke thibetse ho tswa ha veine, ho tswa ha yona ditlhotlelong, ha ho ya tlhotlang morara ka mehoo ya thabo. Le hoja mehoo yona e ntse utlwahala, mehoo eo hase mehoo ya thabo.
“Baahi ba Heshebone le ba Elele ba a lla, sello sa bona se utlwahala Jahase, se utlwahala ho tloha Soware ho ya fihla Horonaime, se be se yo utlwahala le Egelate-Sheleshiya, hoba le metsi a Nimerime a se a pshele.
Ba etsetsang dinyehelo dibakeng tsa borapedi, le ba tjhesetsang medimo ya bona mokubetso, ke tla ba thibela ho etsa jwalo naheng ya Moabe,” ho rialo Morena.
Hodima matlo wohle a Moabe, le hara diterata tsohle tsa yona, ha ho letho, haese dillo feela, hobane Moabe ke e pshatlile, ka e pshatla sa mopotjwana o seng o sa natswe ke motho,” ho rialo Morena.
“Utlwahatsang sello sena: Bonang, Moabe e fetohile lesupi! Bonang kamoo e balehang kateng e le dihlong! Moabe e se e fetohile sesomo, e fetohile setsoto ho ba ahelaneng le yona.”
metse yohle e tla hapuwa, diqhobosheane le tsona di kenwe. Mohlang oo pelo tsa bahlabani ba Moabe di tla tshwana le pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.
“Ya balehang ke ho tshaba o tla wela ka lemeneng, ya tswang ka lemeneng raba le tla mo tshwasa. Tsena tsohle ke tla di tlisetsa ba Moabe, ke ba tlisetse tsona ka lemo sa kotlo ya bona,” ho rialo Morena.
“Baphaphathehi ba eme moriting wa Heshebone, ba eme teng ba qetilwe ke mokgathala, hobane mollo o hoteditswe wa hotetswa ka Heshebone, malakabe a laima a etswa tlung ya Sihone, a laima a tjhesa lehae la Bamoabe, a fedisa tlotla ya baikgantshi.