|
| 1 |
|
| Morena, ako hopole tse re wetseng hodimo! Ako tadime, o bone sekgobo sa rona! |
|
| 2 |
|
| Naha ya rona e hapilwe ke baditjhaba, melata e ikabile ka malapa a rona. |
|
| 3 |
|
| Re dikgutsanyana, bo-ntata rona ba shwele, bo-mma rona ba fetohile bahlolohadi. |
|
| 4 |
|
| Re nwa metsi a rekwang ka tjhelete, patsi re e fumana ka ho e reka! |
|
| 5 |
|
| Baphaladisi ba rona ba re hateletse melala, re sebetsa ka thata, phomolo ha re e fumane. |
|
| 6 |
|
| Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria, re tle re tsebe ho fumana bohobe. |
|
| 7 |
|
| Bo-ntata rona ba entse dibe, mme ba shwele, rona re ahlolelwa makgopo a bona. |
|
| 8 |
|
| Makgoba a fetohile babusi ba rona, ha ho ya re namolelang matsohong a wona. |
|
| 9 |
|
| Re fumana dijo re okametswe ke lefu, ka baka la sabole e lehwatateng. |
|
| 10 |
|
| Letlalo la rona le ntshofetse sa sebopi, ka baka la ho phela hara sekoboto. |
|
| 11 |
|
| Ba ile ba beta basadi ba Sione, ba beta le barwetsana ba metse ya Juda. |
|
| 12 |
|
| Mahosana a ile a tshwarwa, a fanyehwa, baholo ba setjhaba ba rolelwa hlompho. |
|
| 13 |
|
| Bahlankana ba sebetsa ka thata, ba a sila, bashanyana ba sudubana tlasa mangata a patsi. |
|
| 14 |
|
| Maqheku ha a sa dula kgorong ya motse, batjha ba kgaoditse ho letsa makodilo. |
|
| 15 |
|
| Thabo ya pelo tsa rona e fedile, metjeko ya rona e fetohile bofifi. |
|
| 16 |
|
| Meqhaka e wele hloohong tsa rona, re madimabe, hobane re sitilwe. |
|
| 17 |
|
| Ka baka la tsena pelo tsa rona di nyahame, ka baka la tsena mahlo a rona a fifetse. |
|
| 18 |
|
| Kahobane thaba ya Sione e le feela, phokojwe di nyanyaka hara masupi a yona. |
|
| 19 |
|
| Wena Morena, o busa kamehla yohle, terone ya hao e hlomamiseditswe meloko yohle. |
|
| 20 |
|
| Ke ka baka lang o re lebalang kamehla? Ke ka baka lang o re furallang halelele? |
|
| 21 |
|
| Re kgutlisetse ho wena Morena, re tla kgutla, ntjhafatsa tshiu tsa rona di be jwaloka pele. |
|
| 22 |
|
| Kapa ebe o so re lahletse ruri? Kgalefo ya hao ha e sa na moedi? |
|
|
|
|