Morena a re ho monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene: “Kena hara mabidi a katlasa dikerubime. Ka matsoho a hao o nke mashala a tukang, a hara dikerubime, o a hasanye hodima motse.” Yaba o kena hara mabidi ke ntse ke mo tadimile.
Jwale tlotla ya Morena ya nyolohela hodimo, e etswa ho dikerubime, ya ya ema monyako wa Tempele. Leru la tlala Tempele, mme lebala la tlala ho phatsima ha tlotla ya Morena.
Kerubime e nngwe ya nanabetsa letsoho la yona, ya le isa mollong o neng o le hara dikerubime, ya nka mashala a mang ya a bea kahara matsoho a monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, mme yena a a nka, a tswa.
Ka tadima, mme ka lehlakoreng la dikerubime ka bona mabidi a mane, le le leng ka lehlakoreng la kerubime e nngwe le e nngwe. Mabidi ana a ne a phatsima sa lehakwe la bohlokwa.
Ha a ntse a phethoha, a ne a ye a phethohele lehlakoreng lefe kapa lefe leo kerubime a tadimileng ka ho lona. Ha dikerubime di tsamaya, mabidi a ne a sa phethohe. Dikerubime tsena di ne di leba kae le kae moo di tadimileng teng, empa di sa retelehe ha di ntse di tsamaya.
Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne: sefahleho se seng e le sa kerubime, se seng e le sefahleho sa motho, se seng e le sefahleho sa tau, se seng e le sefahleho sa ntsu.
Ha dikerubime di tsamaya, mabidi le wona a ne a phethoha; ha dikerubime di thathalatsa mapheo a tsona hore di phahame fatshe, mabidi a ne a sa tlohe mahlakoreng a tsona.
Ha dikerubime di ema, mabidi le wona a ne a ema. Ha dikerubime di phahamela hodimo, mabidi le wona a ne a phahama le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.
Ha ke ntse ke tadimile, dikerubime tsa thathalatsa mapheo a tsona, tsa phahama fatshe, mme ha di ntse di phahama, mabidi le wona a ne a ntse a phahama le tsona. Tsa fihla tsa ema monyakong wa Tempele ya Morena o ka botjhabela, mme tlotla ya Modimo wa Iseraele ya eba hodima tsona.
Tsena ke tsona dibopuwa tse phelang, tseo ke neng ke ile ka di bona di le katlasa Modimo wa Iseraele, pela noka ya Kebare, mme ka hlokomela hore e ne e le dikerubime.