BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Lentswe la re ho nna: “Wena ngwana motho, ema ka maoto, mme ke tla bua le wena.” |
| 2 |
| Ha lentswe le ntse le bua, Moya wa kena ka ho nna, wa mphahamisa, ka ema ka maoto, ka utlwa le bua ho nna. |
| 3 |
| La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno. |
| 4 |
| Setjhaba seo ke o romang ho sona se manganga, se pelo di thata. Ere ho sona: Morena Modimo o bua tjena. |
| 5 |
| Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona. |
| 6 |
| Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi. |
| 7 |
| O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi. |
| 8 |
| Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.” |
| 9 |
| Yare ha ke tadima ka bona letsoho le otlolletswe ho nna. Le ne le tshwere buka |
| 10 |
| eo le ileng la e phetla kapele ho nna. Ka mahlakoreng a yona a mabedi ho ne ho ngotswe mantswe a kodi-ya-malla, a bofifi le a bomadimabe. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/ezekiel/002.mp3
48
2