O mmolelle, o re: Morena Modimo o bua tjena: “ Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!
Ka dilope mehlahare ya hao ke tla e qadipa, tlhapi tsa noka ya hao ke di kgomarise mahehefeng a hao; ke o hoholele kantle ho dinoka tsa hao, tlhapi tsohle tsa noka ya hao di kgomaretse mahehefeng a hao.
Ke tla o akgela kahara lehwatata, wena le ditlhapi tsohle tsa dinoka tsa hao. O tla re polopoqo! kahara mmanana, ho se be ya o nkang hore a o epele. Topo sa hao se tla jewa ke dibatana, se jewe ke matlaka a sollang hodimo.
“ Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba, ba tsebe hore ruri Morena ke nna, hobane Baegepeta e ne e le lere la Iseraele, e le lere la lehlaka, motemekwane.
Ha Baiseraele ba itshwarella ka wena, o ila peperana, wa ba hlaba ka mahafing; ha ba leka ho ikokotlela ka wena, yaba o a robeha, ba tswenetseha matheka.
Ka baka lena he, ke a o lwantsha, wena le dinoka tsa hao, mme naha ya Egepeta ke tla e ripitla, ke e fetole nanaola, ho tloha Migedole ho ya fihla Sefene, le ho ya fihla meeding ya Kushe.
Hara dinaha tsohle tse sentsweng, Egepeta ke tla e etsa nanaola e fetang tsohle, mme hara metse e ripitlilweng, metse ya Egepeta e tla ba masupi ka dilemo tse mashome a mane. Ke tla qhalanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba hasanye hara dinaha disele.
“ Leha ho le jwalo Morena Modimo o bua tjena: Etlare ha ho fetile dilemo tse mashome a mane, ke phuthe Baegepeta hara ditjhaba tseo ke ba qhalantseng hara tsona.
E tla ba mmuso o fokolang ho feta mebuso yohle, mme o ke ke wa hlola o busa ditjhaba tse ding, hobane ke tla o fokodisa hoo o ke keng wa hlola o tseba ho busa ditjhaba tse ding.
Egepeta e ke ke ya hlola e eba setshehetso sa setjhaba sa Iseraele, empa etlare ha Baiseraele ba e bona, e ba hopotse sebe sa bona sa ho batla thuso ho yona. Kahoo Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo. ”
“Wena ngwana motho, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o ile a etsa hore mabotho a hae a futuhele motse wa Tire ka sekgahla se seholo. Meqeqeko eo bahlabani ba neng ba e jere e ile ya ba phumola mafatla, mahetla a bona a phumoha dibebe. Empa yena le bahlabani ba hae ha ho moputso oo ba ileng ba o fumana ka ho futuhela Tire.
Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Naha ya Egepeta ke tla e nea Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. O tla hapa matlotlo a yona, a lobele dintho tsa yona, mme tsena e be moputso wa bahlabani ba hae.
“Mohla tsatsi leo, ke tla matlafatsa setjhaba sa Iseraele, ke rarolle leleme la hao, o bue moo bohle ba ntseng ba utlwa, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”