“Ha motho a ka tswa lekukuma, kapa lekgopho, kapa setlapedi, mme ho bonahala eka hona ho tla iketsa lepera mmeleng wa hae, o tla tliswa ho moprista Arone, kapa ho e mong wa bara ba hae, bao e leng baprista.
Moprista o tla hlahloba lefu lena le mmeleng wa motho eo. Ha a bona hore mohwete o sweufetse, mme setlapedi sena se phobetse, hoo kelefu la lepera. Ha moprista a se a mo hlahlobile o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila.
Empa haeba setlapedi sena se sa phobela, mme mohwete o hodima sona o sa sweufala, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng.
Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba, mme ha a bona hore lefu ha le tswele pele, moprista o tla boela a etsa hore motho eo a se ke a dula le batho ba bang ka matsatsi a supileng.
Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a mo hlahloba kgetlo la bobedi, mme ha a bona hore setlapedi se a fola, ha se anele mmele, moprista o tla phatlalatsa hore o hlwekile, ke lekgopho feela. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlweka.
Haeba lekgopho le bonahala hore le anela mmele, kamora hore motho enwa a itlhahise kapele ho moprista, hore a hlwekiswe, motho eo o tla boela a itlhahisa ho moprista kgetlo la bobedi.
Moprista o tla boela a mo hlahloba, mme haeba lekgopho lena le bonahala le ntse le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila, hona ke lefu la lepera.
moprista o tla mo hlahloba, mme haeba lepera le anetse mmele wohle o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile, mmele wa hae o sweufetse, mme o hlwekile.
Moprista o tla le hlahloba, mme haeba lebadi leo le bonahala le phobetse, mohwete wa lona o sweufetse, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera le qalehileng ka mokgwa wa lethopa.
Empa ha moprista a mo hlahloba, mme a fumana hore ha ho mohwete o sweufetseng, kapa letlalo le phobetseng, empa lethopa le a fola, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng.
Empa heaba lebadi leo le le bofubedu bo benyang, le sa anela mmele wohle, hoo ke lebadi la lethopa, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile.
moprista o tla hlahloba motho eo. Haeba mohwete o sepatlong o sweufetse, mme ho bonahala ho phobetse, hoo ke lefu la lepera, le qalehileng ka ho tjheswa ke mollo. Moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera.
Empa ha moprista a mo hlahloba, mme a fumana hore ha ho mohwete o sweufetseng lebading leo le benyang, kapa ha ho letlalo le phobetseng, feela lethopa le fola, moprista o tla etsa hore motho eo a dule a le mong ka matsatsi a supileng.
Ka letsatsi la bosupa moprista o tla mo hlahloba; haeba lefu lena le anela mmele, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila; hoo ke lefu la lepera.
Empa haeba leqebeng leo ho sala lebadi le bofubedu bo benyang, le sa anelang mmele wohle, empa leqeba leo le fola, hoo ke lebadi la ho tjheswa ke mollo.
moprista o tla mo hlahloba. Ha a fumana hore se phobetse, mohwete o mosesanyane, o mosehlanyana, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila; hoo ke lefu la mmokwana, ke lepera le tswang motho hloohong kapa seledung.
Ha moprista a hlahloba lefu lena la mmokwana, mme ho bonahala hore letlalo ha le a phobela, ho se na le moriri o motsho, moprista o tla etsa hore motho enwa ya tshwerweng ke lefu la mmokwana a dule a le mong ka matsatsi a supileng.
Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu leo, mme haeba lefu lena la mmokwana le sa anela mmele, mme ho se na mohwete o mosehlanyana, ho bonahala hore mmokwana ha o a phobela,
motho eo o tla beolwa, empa moo mmokwana o entseng lebadi ho se ke ha beolwa. Moprista o tla etsa hore motho eo ya tshwerweng ke lefu lena a dule a le mong ka matsatsi a supileng.
Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu lena la mmokwana; haeba le sa anela mmele, mme ho bonahala hore ha le a phobela, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a tla ba o hlwekile.
moprista o tla mo hlahloba, mme haeba lefu leo la mmokwana le anetse mmele, ha ho hlokahale hore moprista a hlahlobe hore na ho na le mohwete o mosehlanyana; motho eo o sesila.
Empa haeba ho bonahala hore lefu lena ha le tswele pele, mme mohwete o motsho o metse teng, lefu lena la mmokwana le fodile. Motho eo o hlwekile, mme moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile.
moprista o tla a hlahloba. Haeba mabadi ana a benyang, a mmeleng a le bosweunyana bo fifetseng, mme a supa hore a a nyamela, e tla ba ke lekgophonyana feela; motho eo o hlwekile.
Moprista o tla mo hlahloba, mme haeba hodima lefatla le hloohong kapa phatleng, ho ena le ditlapedi tse bofubedu bo bosweu, tse tshwanang le tsa lepera le bang teng mmeleng,
“Motho ya nang le lepera o tshwanetse ho apara diaparo tse maharaswa, moriri wa hae o hlanthollehe, a kwahele molomo o kahodimo, mme a howe, a re: Ke na le sesila! Ke na le sesila!
mme seaparong sena se entsweng ka letlalo, kapa se entsweng ka lesela la lene, kapa ka boya, kapa seaparong sefe le sefe se entsweng ka letlalo, ho ena le botalanyana kapa bofubedunyana ba lefu lena, hoo ke lefu la lepera, mme le tla bontshwa moprista.
Ka letsatsi la bosupa moprista o tla boela a hlahloba seaparo seo. Haeba lefu lena le anetse seaparo, kapa lesela la lene, kapa le lohilweng ka boya, kapa letlalo le sebediswang mosebetsing ofe kapa ofe, hoo ke lepera le tshwaetsang, mme seaparo seo se sesila.
Moprista o tla tjhesa seaparo sena sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e nang le lefu lena. Ke lepera le tshwaetsang. Seaparo seo se tla tjheswa ka mollo.
“Ha moprista a hlahloba seaparo sena se entsweng ka lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ke letlalo, mme a bona hore lefu lena ha le a se anela,
Ha se se se hlatswitswe, moprista o tla se hlahloba, mme ha a fumana hore ha ho na phetoho, le hoja lefu le sa anela seaparo, phahlo eo e sesila. E tjheswe ka mollo, e sesila kahohle.
“Ha seaparo se se se hlatswitswe, mme moprista a bona hore lefu lena le fodile, o tla tabola karolo ya seaparo e nang le lefu, e ka ba se entsweng ka letlalo, kapa ka lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya.
Ha lefu lena le boela le hlaha hape seaparong sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlong efe le efe e entsweng ka letlalo, lefu leo le ntse le le matla; seaparo se nang le lefu lena se tjheswe ka mollo.
Ha seaparo sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e se e hlatswitswe, mme lefu le nyamela ho yona, e tla hlatsuwa kgetlo la bobedi, mme e tla ba e hlwekile.”
Ona ke molao wa lefu la lepera le seaparong se lohilweng ka boya, kapa sa lesela la lene, kapa phahlong efe le efe e entseng ka letlalo, ho bona hore na e hlwekile kapa e sesila.