moprista o tla laela hore ya tlilo hlwekiswa a tlise dinonyana tse pedi, tse phelang, tse hlwekileng; thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa.
Moprista o tla nka nonyana e phelang, le thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa, a di ine kaofela ka mading a nonyana e ileng ya bolawa.
“Motho enwa ya tlilo hlwekiswa o tla hlatswa diaparo tsa hae, a beole moriri wa hae kaofela, a tolle ka metsing, jwale e tla ba o hlwekile. Kamorao ho mona a ka kena ka diahelong, empa o tla dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.
Ka letsatsi la bosupa o tla beola moriri wa hae kaofela, le ditedu tsa hae, le dintshi tsa hae, le moriri wohle wa hae. O tla hlatswa le diaparo tsa hae, a tolle ka metsing; jwale e tla ba o hlwekile.
“Ka letsatsi la borobedi o tla nka dikonyana tse pedi, tse tona, tse se nang sepha; le konyana ya sethojana e nang le selemo, e se nang sepha; le phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse tharo, e dubilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara.
Moprista ya etsang tshebeletso ya tlhwekiso o tla emisa motho eo ya hlwekiswang, mmoho le dinyehelo tsena tsohle, monyakong wa Tente ya Morena, kapele ho Morena.
“Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, a nyehele ka yona, e le nyehelo e tlosang molato, hammoho le ole e ka etsang halofo ya lethara; a di akgotse e le nyehelo e akgoletswang Morena.
Konyana e tona o tla e hlabela Sehalalelong, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya tefelo ya sebe, le tsa nyehelo ya setjheso. Nyehelo ya tefelo ya sebe, jwaloka nyehelo e tlosang sebe, ke ya moprista, mme e halalela ka ho fetisisa.
Moprista o tla nka madi a mang a nyehelo e tlosang molato, mme ka wona a tlotse ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho eo ya tlilo hlwekiswa, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la letsoho le letona.
Ka ole e setseng ka seatleng sa hae, moprista o tla tlotsa ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho ya tlilo hlwekiswa, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae la letsoho le letona, a tlotse hodima madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang molato.
“Moprista o tla nyehela ka nyehelo e tlosang sebe, a etsetse motho eo ya hlwekiswang tefelo ya sebe, ka baka la ho se hlweke ha hae. Kamora mona o tla hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso.
“Motho ha a futsanehile, mme a sitwa ho ntsha ho lokelang, o tla nka konyana e le nngwe e tona, hore e be nyehelo e tlosang molato, e be e sebediswe e le nyehelo e akgotswang ka baka la tefelo ya sebe sa hae; a nke le phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e budilweng ka ole, e le nyehelo ya phofo; le ole e ka etsang halofo ya lethara.
A nke le maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, ao a ka a fumanang. Le leng e tla ba la nyehelo e tlosang sebe, mme le leng e be la nyehelo ya setjheso.
O tla hlaba konyana ya nyehelo e tlosang molato, a nke a mang a madi a yona, mme ka wona a tlotse ntlha ya tsebe ya letsoho le letona la motho ya hlwekiswang, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae le letona.
Ka ole e nngwe e ka seatleng sa hae, moprista o tla tlotsa ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho eo ya hlwekiswang, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la letsoho la hae le letona; a tlotse hodima madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang molato.
moprista o tla etsa nyehelo e tlosang sebe ka le leng, mme ka le leng a etse nyehelo ya setjheso, a be a etse le nyehelo ya phofo. Moprista o tla etsetsa motho eo ya hlwekisitsweng tefelo ya sebe ho Morena.
Moprista o tla laela hore ho ntshwe tsohle tse ka tlung eo, pele a ka kena ka ho yona ho ya hlahloba lefu leo, esere tsohle tse ka tlung tsa ba le sesila. Kamora moo, moprista o tla tla ho hlahloba ntlo.
moprista o tla tla hape, mme a e hlahlobe. Haeba a fumana hore lefu le anetse ntlo, hona e tla ba ke lepera le tshwaetsang ka tlung eo, mme ntlo eo e sesila.
“Empa ha moprista a etla ho tla hlahloba ntlo, mme a fumana hore lefu ha le a anela ntlo, kamora hore e dilwe, moprista o tla phatlalatsa hore ntlo eo e hlwekile, kaha lefu leo le phekolehile.
Jwale o tla nka thupa ya kedare, le lehlaku la hisopa, le kgwele e kgubedu, mmoho le nonyana e ntseng e phela, ebe tsohle o di ina ka mading a nonyana e bolailweng, le ka metsing a sa tswa kguwa sedibeng, mme a foke ntlo hasupa.
Kamora hoba a etse nyehelo e tlosang sebe ka madi a nonyana, le ka metsi a sa tswa kguwa sedibeng, le ka nonyana e ntseng e phela, le ka thupa ya kedare, le ka lehlaku la hisopa, le ka kgwele e kgubedu,
o tla tlohela nonyana e ntseng e phela hore e fofele naheng, kantle ho motse. Ha a se a etseditse ntlo ena nyehelo ya tefelo ya sebe, e tla ba e hlwekile.”