Mohla letsatsi leo le etsang sehlabelo seo ka lona, le se je, le be le se je le ka letsatsi le hlahlamang, empa se ka salang, sa fihlelwa ke letsatsi la boraro, le se tjhese ka mollo.
Mang kapa mang ya se jang, o tla jara bokgopo ba hae, hobane o tla be a silafaditse ntho e halalelang ya Morena. Motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.
O se ke wa kgwahlapisa tshimo ya hao ya morara, mme o se ke wa thonaka morara o wetseng fatshe; o o siele mofutsana le moeti. Ke nna Morena Modimo wa hao.
“ O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa. “ O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.
“ Le boloke melao ya ka. “ O se ke wa hwedisa diphoofolo tsa hao ka tsa mofuta osele. “ O se ke wa jala mefuta e mmedi ya peo tshimong ya hao, mme o se ke wa apara seaparo se mefuta e mmedi ya masela.
“ Ha monna a kena dikobong tsa ngwanana wa lekgoba ya seng a neilwe monna e mong, feela ngwanana eo a eso lefellwe tjhelete ya topollo, mme a eso lokolohe, ba tla ahlolwa, empa ba ke ke ba bolawa, hobane ngwanana eo ha a eso lokolohe.
“ Ha le fihla naheng ya Kanana, mme le lema sefate sefe kapa sefe se jewang, le tla ila ditholwana tsa sona. Ka dilemo tse tharo le tla di ila, le se ke la di ja.
Empa moditjhaba ya jakileng hara lona, a be jwaloka letswallwa la naha; le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.