“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: Motho e mong le e mong wa bana ba Iseraele, kapa wa baditjhaba ba jakileng naheng ya Iseraele, ya neelanang ka bana ba hae ho Moloke, ruri o tla bolawa. Setjhaba sa naha eo se tla mo tlepetsa ka majwe.
Le nna ke tla halefela motho eo, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo, hobane a neile Moloke bana ba hae, hore a silafatse Sehalalelo sa ka, le ho nyedisa lebitso la ka le halalelang.
“ Haeba monna a tlontlolla ntatae ka ho kena dikobong tsa mosadi wa ntatae, monna eo le mosadi eo wa ntatae, ruri bobedi ba bona ba tla bolawa, mme ba tla be ba bolawa ka baka la molato wa bona.
“ Haeba monna a kena dikobong tsa ngwana le tsa mmae, hoo ke ketso e manyala. Monna le basadi bao ba babedi ba tjheswe ka mollo, hore manyala a jwalo a se ke a hlola e eba teng hara lona.
“ Haeba mosadi a ipeketlela phoofolo hore e mo robale, mosadi eo o tla bolawa, le phoofolo eo e tla bolawa. Ruri mosadi eo le phoofolo eo ba bolawe. Ba tla bolawa ka baka la molato wa bona.
“ Haeba monna a kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, e leng moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, mme bobedi ba bona ba bonelana, hoo ke ketso e manyala. Bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, moo setjhaba se ntseng se bona. Monna eo o tla ahlolelwa ho kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, mme o tla jara bokgopo ba hae.
“ Haeba monna a kena dikobong tsa mosadi ya ileng dinakong tsa hae, mme a mmonela, bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, hobane monna eo o pepesitse lehatlelo la mosadi, le mosadi eo o pepesitse mohlodi wa lehatlelo la hae.
“ O se ke wa kena dikobong tsa ngwanabo mmao, kapa tsa rakgadia hao, hobane ho etsa jwalo ke ho kopanya madi a le mang. Ya etsang jwalo o tla jara bokgopo ba hae.
“ Haeba monna a kena dikobong tsa mmangwanae, o tlontlolotse rangwanae, mme yena le mmangwanae ba tla ahlolelwa molato wa bona, mme ba tla shwa ba se na bana.
“ Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsohle tsa ka, mme le di phethe, hore naha eo ke le isang ho yona, hore le yo aha ho yona, e se ke ya le hlatsa.
Ke itse ho lona: Naha ya sona e tla ba lefa la lona; ke tla le nea yona e be leruo la lona. Ke naha e phallang lebese le mahe a dinotshi. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le baditjhaba bao.
“ Ka baka leo, le tla kgetholla phoofolo e hlwekileng ho e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho e sa hlwekang; le se ke la itshilafatsa ka phoofolo, kapa ka nonyana, kapa ka ntho efe kapa efe e hahabang hodima lefatshe, eo ke le kgetholletseng yona hore ha e a hlweka.