×

BIBELE Bible 1989

Levitike 9

1
Ka letsatsi la borobedi Moshe a bitsa Arone le bara ba hae, le baholo ba Iseraele,
2
a re ho Arone: “Nka pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso, bobedi ba tsona di hloke sepha, o di nyehelle Morena.
3
Ho bana ba Iseraele o re: Nkang phooko ya nyehelo e tlosang sebe, le pohwana le konyana, bobedi ba tsona di be le selemo, mme di hloke sepha, e be tsa nyehelo ya setjheso.
4
Le nke le pholo le pheleu, tsa sehlabelo sa teboho, di hlabelwe Morena; le nke le nyehelo ya phofo e dubilweng ka ole, hobane kajeno Morena o tla iponahatsa ho lona. ”
5
Ba tlisa kapele ho Tente ya Morena tseo Moshe a ba laetseng tsona. Phutheho yohle ya atamela, mme ya ema kapele ho Morena.
6
Jwale Moshe a re: “Sena ke seo Morena a le laetseng ho se etsa, e le hore tlotla ya Morena e tle e bonahale ho lona.”
7
Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng, o etse nyehelo ya hao e tlosang sebe, le nyehelo ya hao ya setjheso; o iketsetse tefelo ya sebe, o be o etsetse le setjhaba. O tlise nyehelo ya setjhaba, mme o se etsetse tefelo ya sebe, jwalokaha Morena a laetse.”
8
Arone a atamela aletareng, mme a itlhabela pohwana ya nyehelo e tlosang sebe.
9
Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading ao, a tlotsa manaka a aletare ka wona, mme a setseng a a qhalla motheong wa aletare.
10
Mafura, le diphiyo, le phapohane, e leng tsa nyehelo e tlosang sebe, a di tjhesetsa hodima aletare, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
11
Empa nama le letlalo a di tjhesetsa kantle ho diahelo.
12
Arone a hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso. Bara ba hae ba mo tlisetsa madi, mme ka wona a foka aletare ho e potapota.
13
Ba mo tlisetsa ditho tsa nyehelo ya setjheso, le hlooho; tsena a di tjhesetsa hodima aletare.
14
A hlatswa dikahare, le ditlhako, mme a di tjhesetsa hodima nyehelo ya setjheso, e hodima aletare.
15
Jwale a tlisa sehlabelo sa setjheso sa setjhaba, a nka phooko ya setjheso, ya nyehelo ya setjhaba e tlosang sebe, a e hlaba, a etsa nyehelo e tlosang sebe ka yona, jwaloka ya pele.
16
A tlisa nyehelo ya setjheso, mme a nyehela ka yona ho ya ka molao.
17
A tlisa nyehelo ya phofo, a e ngwatha ka seatla, a e tjhesetsa hodima aletare, kathoko ho nyehelo ya setjheso seo a ileng a se etsa e sa le hosasa.
18
Arone a hlaba pholo le pheleu, e le nyehelo ya setjhaba ya teboho. Bara ba Arone ba mo tlisetsa madi, mme ka wona a fika aletare ho e potapota.
19
Mafura a pholo le a pheleu, mafura a mohatla, le mohlehlo, le tshotso ya diphiyo, le phapohane,
20
tsena a di bea hodima difuba, mme a di tjhesetsa hodima aletare.
21
Empa difuba le serope sa letsoho le letona Arone a di akgotsa pela Morena, e le nyehelo e akgotswang, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
22
Jwale Arone a phahamisetsa matsoho a hae nqeng ya setjhaba, mme a se hlohonolofatsa. Hoba a etse nyehelo e tlosang sebe, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, a theoha.
23
Moshe le Arone ba kena ka Tenteng ya Morena. Yaba ba a tswa, ba hlohonolofatsa setjhaba, mme tlotla ya Morena ya bonahala ho setjhaba sohle.
24
Mollo wa tswa ho Morena, wa tjhesa nyehelo ya setjheso, le mafura a hodima aletare. Ha setjhaba sohle se bona hona, sa howa ka thabo, mme sa itihela fatshe ka difahleho.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha