Ena ke pono ya Obadiya. Morena Modimo o bua tjena ka Edomo: Re utlwile molaetsa o tswang ho Morena, leqosa le rometswe ho baditjhaba, le re: “Emang, re futuheleng Edomo!”
Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang mafarung, hara mafika, eo leaho la hao le leng hara dithaba, wena ya ithorisang ka ho re: Ke mang ya ka ntheolelang tlase?
“Ha mashodu a ka o futuhela bosiu, dinokwane tsa o nanarela bosiu, leha tshenyehelo ya hao e tla ba kgolo, na a ke ke a utswa feela tseo a di hlokang? Ha bakotudi ba morara ba o kotulela, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso?
Bohle ba thusanang le wena ba o thetsitse, ba o kgarameletsa meeding; balekane ba hao ba o kgelositse, metswalle eo o e tshepang e o tjhehetse leraba, empa wena ha o ka ke wa le bona.
Mohla o no emeletse kathoko, ha baditjhaba ba hahara leruo la hae, melata e kena ka dikgoro, ka kgoro tsa metse ya hae, e laola Jerusalema ka lotho, o ne o ka e mong wa baditjhaba.
Mohla ngwaneno a hlahetsweng ke bomadimabe, o se ke wa mo shebela maotong; mohla tjhaba sa Bajuda se timetswang, o se thabele ho timetswa hoo ha sona; le mohla se leng makaqabetsing, o se ke wa ithorisa hakaalo.
Mohla tjhaba sa ka se wetsweng ke koduwa, o se ke wa kena ka dikgoro tsa sona; mohla tjhaba sa ka se leng hara bomadimabe, o se ke wa se somela bomadimabe boo; le mohla se leng hara ditlokotsi, o se ke wa ikgapela maruo a sona.
Mohla tsatsi la sona la ditsietsi, o se ke wa lalla mateanong a ditsela, hore o bolaye baphaphathehi ba sona, le ho neelana ka ba phonyohileng ba sona.
Seo lona tjhaba sa ka le se nweleng, la se nwella thabeng ya ka, thaba e halalelang, ditjhaba tsohle di tla se nwa ho-ya-ho-ile; di tla se nwa, di be di minyeletse, di be jwaloka hola di eso be teng.
Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau yona e be matlakala; ba tla e hotetsa ka mollo, ba e tjhese, ho se be ya phonyohang wa ntlo ya Esau,” ho rialo Morena.
Baiseraele ba tswang Borwa ba tla hapa, ba hape thaba ya Esau, ba tswang diphuleng le bona ba hape, ba hape naha ya Bafilesita. Ba tla hapa Efraime, ba hape Samaria, Benjamine yena a ikgapele Gileade.
Letshwelehadi la bathopuwa ba Iseraele ba Kanana le tla hapa naha eo ho ya fihla Sarepeta, bathopuwa ba Jerusalema, ba leng Sarefate, ba tla ikgapela metse e ka Borwa.