BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Jonase, ha a le ka mpeng ya leruarua, a rapela Morena Modimo wa hae, |
| 2 |
| a re: “Mahlomoleng a ka ka ipiletsa ho Morena, ka ipiletsa ho yena, mme a nkaraba. Ka kopa thuso ke le botebong ba Nqalo ya Bafu, mme wa utlwa lentswe la ka. |
| 3 |
| O ile wa nkakgela kweetseng, wa nkakgela bodibeng ba lewatle; wa nkakgela, mme metsi a mpupetsa, maqhubu a tsudubutlana hodima ka. |
| 4 |
| Ka re: O ntahletse hole le wena, empa ke tla boela ke bone, ke bone Tempele ya hao, Tempele e halalelang. |
| 5 |
| Ke fihlile kweetseng, metsi a nkgamme, lewatle le mpotapotile kahohle, bolele bo rareditse hlooho ya ka. |
| 6 |
| Ke ne ke tebile, ke le tlase ho dithaba, mekwallo ya Nqalo ya Bafu e nkwalletse ruri; empa wena Morena Modimo wa ka, o mpholositse Nqalong eo ya Bafu. |
| 7 |
| “Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang. |
| 8 |
| “Ba kgumamelang medingwana ya bohata, ba furalla sediba sa bona sa mohau. |
| 9 |
| Ha e le nna ke tla o nyehella ka sehlabelo, ke ntse ke o binela ka teboho, ke phetha le tsona dikano tsa ka. Pholoho e tswa ho Morena!” |
| 10 |
| Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/jonah/002.mp3
4
2