BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Lentswe la Morena la fihla ho Jonase kgetlo la bobedi, la re: |
| 2 |
| “Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o phatlalletsa molaetsa oo ke o bolellang wona.” |
| 3 |
| Yaba Jonase o a tsamaya, o ya Ninife, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Ninife e ne e le motse wa setletlehadi; motho o ne a nka matsatsi a mararo ho tswela ka nqane ho wona. |
| 4 |
| Jonase a tsamaya hara motse ka letsatsi la pele, a nto howa, a re: “Kamora matsatsi a mashome a mane feela, Ninife e tla be e timeditswe!” |
| 5 |
| Batho ba Ninife ba dumela molaetsa wa Modimo. Ba laela hore ho itingwe dijo, mme bohle ba baholo le ba banyenyane ba apara tse mahwashe. |
| 6 |
| Ha molaetsa o fihla ho kgosi ya Ninife, ya raoha teroneng ya yona, ya hlobola seaparo sa yona sa bokgosi, ya apara tse mahwashe, mme ya dula moloreng. |
| 7 |
| Yaba kgosi e etsa phatlalatso hara motse wa Ninife, e re: “Kgosi, e ena le mahosana a yona, e laela hore: Ho se be motho ya tla latswa letho, a je kapa a nwe; le tsona diphoofolo le dikgomo kapa dikgutshwane, di se ke tsa fula kapa tsa enwa metsi. |
| 8 |
| Empa motho a apare tse mahwashe, esita le yona phoofolo. Motho e mong le e mong a ipiletse ka matla ho Modimo, a furalle metsamao ya hae e kgopo le diketso tsa hae tsa dikgoka. |
| 9 |
| Ho ka tseba mang haeba Modimo a ka nna a hauha, a kgutla kgalefong ya hae e tukang, e le hore re se ke ra timela?” |
| 10 |
| Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/jonah/003.mp3
4
3