×

BIBELE Bible 1989

Zakaria 13

1
“Mohla tsatsi leo, sediba se tla ba teng, seo ba ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ba tla hlwekiswa sebe le ditshila tsa bona ho sona.
2
“Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena.
3
Haeba ho ena le e mong ya ka nnang a porofeta, bo-ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla bua ho yena, ba re: O ke ke wa phela, hobane o bua leshano ka lebitso la Morena. Bo-ntatae le mmae ba tla mmolaya a ntsa porofeta.
4
“Mohla tsatsi leo, moporofeta ka mong o tla hlabiswa dihlong ke pono tsa hae tsa boporofeta. Ha a ka ke a apara seaparo sa boporofeta se entsweng ka boya, e le hore a tle a thetse.
5
O tla re: Nna ha ke moporofeta, ke molemi; haesale ke phela ka mobu ho tloha botjheng ba ka.
6
Haeba e mong a ka mmotsa, a re: Mehwabadi ee ke yang e mmeleng wa hao? O tla araba, a re: Ke ya ha ke ne ke shapuwa ke metswalle ya ka ka matlung a yona.
7
“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.
8
Hara naha yohle,” ho rialo Morena, “ke tla otla karolo tse pedi tsa mohlape, ke di otle, ke be ke di timetse, ya boraro yona e sale e phela.
9
Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: Sena ke sona setjhaba sa ka, mme sona se tla bolela, se re: Morena ke yena Modimo wa rona. ”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha