×

BIBELE Bible 1989

Zakaria 2

1
Ka boele ka tadima, mme ka bona motho ya tshwereng kgwele e methang!
2
Yaba ke a mmotsa, ke re: “O ya kae?” Motho eo a araba, a re: “Ke ilo metha Jerusalema, ke tle ke fumane bophara le bolelele ba yona.”
3
Ka bona lengeloi le neng le bua le nna le atamela, mme lengeloi le leng la atamela ho tla le kgahlanyetsa.
4
Lengeloi la bobedi la re ho la pele: “Matha, o yo bolella mohlankanyana eo, o re: Ka baka la bongata ba batho le ba mehlape, Jerusalema ha e na ho haheletswa ka marako.
5
Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo, ho rialo Morena, ke be tlotla kahara yona.
6
“Tswang! Tswang! Balehang naheng e ka leboya,” ho rialo Morena, “hobane ke ne ke le qhalanyeditse diqoleng tse nne tsa lefatshe,” ho rialo Morena.
7
“Tswa, wena Sione, wena ya phelang le Moradi wa Babilona!”
8
Morena wa mabotho, yena ya ileng a ntlotlisa, a ba a nthoma ho baditjhaba ba ileng ba le tlatlapa, o re: “Ya le amang o thetsa thaka ya leihlo la ka.
9
Ke tla otlollela letsoho la ka hodima bona, mme ba tla lobelwa ke ba kileng ba ba sebeletsa. Ke hona le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme.
10
“Howeletsa, o nyakalle, wena Moradi wa Sione, hobane ke a tla, ke tlilo dula le wena,” ho rialo Morena.
11
“Mohla tsatsi leo baditjhaba ba bangata ba tla ikopanya le Morena, e be setjhaba sa hae. O tla dula le lona, mme le tla tseba hore Morena wa mabotho o nthomme ho lona.
12
Naheng eo e halalelang Morena o tla inkela Juda, e be lefa la hae, a boele a ikgethele Jerusalema.
13
Lona batho bohle, kgutsang ha le le kapele ho Morena, hobane o tswa ka Tempeleng ya hae e halalelang.”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha