×

BIBELE Bible 1989

Zakaria 3

1
Morena a mpontsha Joshua, Moprista e Moholo, a eme kapele ho lengeloi la Morena, le Satane a eme ka letsohong le letona la Joshua, a itokisetsa ho mo qosa.
2
Morena a re ho Satane: “Wena Satane, Morena o a o kgalemela! Morena ya ikgethetseng Jerusalema o a o kgalemela! Na motho eo hase lefatsa le hutsweng mollong le ntse le tuka?”
3
Joshua o ne a eme kapele ho lengeloi, a apere diaparo tse ditshila.
4
Lengeloi la bua le ba neng ba eme kapele ho lona, la re: “Mo hlobodiseng diaparo tsena tse ditshila!” La nto re ho Joshua: “Bona, ke fedisitse bokgopo ba hao, mme ke tla o apesa diaparo tse ntlentle.”
5
Yaba lengeloi le re: “Mo rweseng tuku e hlwekileng hloohong.” Ba mo rwesa tuku e hlwekileng, ba mo apesa diaparo tse ntlentle, lengeloi la Morena le ntse le eme moo.
6
Lengeloi la Morena la nto laya Joshua, la re:
7
“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha o ka tsamaya ditseleng tsa ka, wa mamela ditaelo tsa ka, o tla okamela Tempele ya ka le mabala a yona, mme o tla ba mosebeletsi jwaloka banna bana ba emeng mona.
8
“ Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!
9
Bonang, lejwe lena leo ke le beileng kapele ho Joshua ke lejwe le le leng, le nang le mahlakore a supileng, mme ke tla ngola hodima lona, ho rialo Morena wa mabotho. Ke tla fedisa sebe sa naha ena ka tsatsi le le leng.
10
“ Mohla tsatsi leo, ho rialo Morena wa mabotho, motho ka mong o tla mema wa habo, ba dule tlasa sefate sa morara le tlasa sefate sa feiye. ”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha