le nyehelle Morena ka nyehelo ya mollo, e leng nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo sa ho etsa kano, kapa nyehelo ya boithaopo, kapa ya mekete ya lona e kgethehileng, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e tswang mohlapeng wa dikgomo kapa wa dinku.
Jwale ya nyehellang Morena a be a tlise le nyehelo ya dijo, ya phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e dubilweng ka ole e etsang lethara e le nngwe;
le veine e etsang lethara e le nngwe, e le nyehelo ya seno. Nyehelo ena o tla nyehela ka yona mmoho le nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe.
“ Kapa bakeng sa pheleu o tla nyehela ka nyehelo ya dijo, ya phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse pedi; phofo ena e be e dubilweng ka ole e etsang lethara e le nngwe le halofo.
o tla nyehela ka nyehelo ya pohwana mmoho le nyehelo ya dijo. E be phofo e boima ba kilo tse tharo, e thumisehileng, e dubilweng ka lethara tse pedi tsa ole.
“ Oetse jwalo ka pohwana e nngwe le e nngwe, kapa ka pheleu e nngwe le e nngwe, kapa ka konyana e nngwe le e nngwe, kapa ka potsanyane e nngwe le e nngwe.
“ Letswallwa le leng le le leng la naha le tla etsa dintho tsena ka mokgwa ona, ha le nyehela ka nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena.
Haeba mojaki ya jakileng hara lona, kapa mang kapa mang ya jakileng hara lona melokong ya lona, a rata ho nyehella Morena ka nyehelo ya mollo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, o tla etsa jwalokaha le etsa.
Ho tla ba le molao o le mong ho setjhaba, le ho mojaki ya jakileng hara lona. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona. Seo le leng sona, le mojaki o tla ba sona kapele ho Morena.
Ka bohobe bo entsweng ka koro ya dilopotsiya, o tla nyehella Morena, e le nyehelo e akgotswang. O tla e phahamisa jwalokaha o etsa ka nyehelo e akgotswang e tswang seotlong.
haeba setjhaba se etsa phoso e se ka morero, setjhaba sohle se tla nyehela ka pohwana e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena. Setjhaba se tla nyehela le ka nyehelo ya dijo e tsamayang le nyehelo ya pohwana, le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, ho ya ka taelo. Le nyehele le ka phooko e le nngwe e le nyehelo e tlosang sebe.
Moprista o tla etsetsa setjhaba sohle sa bana ba Iseraele tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa, hobane ba entse phoso, mme ba tlisitse nyehelo ya mollo ho Morena, le nyehelo e tlosang sebe, ka baka la phoso ya bona.
“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona ba iketsetse ditjellane diqoleng tsa diaparo tsa bona, melokong yohle ya bona, mme hodima tjellane e nngwe le e nngwe e qoleng ya seaparo ho rokellwe kgwele e putswa.
Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.