“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ka malapa abo bona, ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, bohle bao e ka bang bahlabani ba Iseraele.”
“Balang setjhaba sohle, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, jwalokaha Morena a laetse Moshe.” Bana ke bana ba Iseraele ba neng ba etswa naheng ya Egepeta:
Bara ba Eliabe e ne e le Nemuele, le Datane, le Abirame. Datane le Abirame ke bona ba neng ba kgethilwe ke setjhaba, mme ke bona ba kileng ba lwantsha Moshe le Arone, ba ena le ba sehlopha sa Kora, ha bao ba ne ba fetohela Morena.
Lefatshe le ile la ahlama, mme la ba kwenya mmoho le Kora, ha sehlopha seo se eshwa. Ke mohla mollo o timetsang batho ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Hona ya eba sesupa ho setjhaba.
Bara ba Simeone, ho ya ka malapa abo bona, ke Nemuele, ya tswetseng morabe wa Nemuele; le Jamine, ya tswetseng morabe wa Jamine; le Jakine, ya tswetseng morabe wa Jakine;
Bara ba Gade, ho ya ka malapa abo bona, ke Sefone, ya tswetseng morabe wa Sefone; le Hagi, ya tswetseng morabe wa Hagi; le Shuni, ya tswetseng morabe wa Shuni;
Bara ba Juda, ho ya ka malapa abo bona, ke Shela, ya tswetseng morabe wa Shela; le Perese, ya tswetseng morabe wa Perese; le Sera, ya tswetseng morabe wa Sera.
Bara ba Sebulone, ho ya ka malapa abo bona, ke Serede, ya tswetseng morabe wa Serede; le Elone, ya tswetseng morabe wa Elone; le Jahaleele, ya tswetseng morabe wa Jahaleele.
Selofehade, mora wa Hefere, o ne a se na bara, empa a ena le baradi. Mabitso a baradi ba Selofehade e ne e le Mahela, le Nowa, le Hogela, le Mileka, le Tiresa.
Bana ke bara ba Efraime, ho ya ka malapa abo bona: ke Shutela, ya tswetseng morabe wa Shutela; le Bekere, ya tswetseng morabe wa Bekere; le Tahane, ya tswetseng morabe wa Tahane.
Ana ke malapa a bara ba Efraime, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mararo le metso e mmedi le makgolo a mahlano. Bana ke bara ba Josefa, ho ya ka malapa abo bona.
Bara ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, ke Bela, ya tswetseng morabe wa Bela, le Ashebele, ya tswetseng morabe wa Ashebele, le Ahirame, ya tswetseng morabe wa Ahirame,
Bana ke bona bara ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a tsheletseng.
Bara ba Ashere, ho ya ka malapa abo bona, ke Jimena, ya tswetseng morabe wa Jimena, le Jishefi, ya tswetseng morabe wa Jishefi, le Beria, ya tswetseng morabe wa Beria.
Ana ke malapa a Nafthali; ho ya ka malapa abo bona, mme ho ya ka ba badilweng e ne e le dikete tse mashome a mane le metso e mehlano le makgolo a mane.
Morabe o nang le batho ba bangata o o abele karolo e kgolo, mme o nang le batho ba mmalwana o o abele karolo e nyenyane ya naha. Morabe o mong le o mong o abelwe lefa ho ya ka palo ya ba badilweng.
Bana ke Balevi ba ileng ba balwa ho ya ka malapa abo bona: Gereshone ya tswetseng morabe wa Gereshone; le Kohate, ya tswetseng morabe wa Kohate; le Merari, ya tswetseng morabe wa Merari.
Lebitso la mosadi wa Amorame e ne e le Jokobeta, moradi wa Levi, eo mmae a ileng a mo tswalla Levi ha a le Egepeta. A tswalla Amorame Arone le Moshe, le kgaitsedi ya bona Meriama.
Banna bohle ba ileng ba balwa e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e meraro, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo. Balevi ba ne ba sa balellwa le bana ba Iseraele, hobane ba ne ba sa abelwa lefa hara bana ba Iseraele.
Bana ke bona ba ileng ba balwa ke Moshe le moprista Eleasare e leng yena ya neng a bale bana ba Iseraele ha ba le diphuleng tsa Moabe, pela Jorodane, mabapa le Jeriko.