Nadabe le Abihu ba ile ba shwella kapele ho Morena, ha ba nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, lehwatateng la Sinai. Ba ne ba se na bana. Yaba Eleasare le Itamare ba sebeletsa e le baprista, moo ntata bona a ntseng a le teng.
hobane matsibolo wohle ke a ka. Ka letsatsi leo ke neng ke bolaya matsibolo a naha ya Egepeta ka lona, ke ne ke halaletse matsibolo wohle a Baiseraele, a batho le a diphoofolo, hore e be a ka. Ke nna Morena.”
“Bala bana ba Levi ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; o bale e mong le e mong e motona, ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.”
Palo ya ba maloko ana, ho ya ka bohle ba batona, ba badilweng, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse supileng le makgolo a mahlano.
Mosebetsi wa bana ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, e ne e le ho hlokomela Leaho, Tente ya Morena, le marulelo a yona, le lesira la monyako wa Tente ya Morena;
Ho ya ka palo ya bohle ba batona, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse robedi le makgolo a tsheletseng; ya eba bona ba hlokomelang Sehalalelo.
Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona.
Bara ba Merari bona ba ne ba hlokomela ditshiya tsa dithupa tse hlongwang tsa Tente ya Morena, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le ditshehetso tsa tsona, le dijana tsohle, le ditshebeletso tsa yona;
Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.
Palo ya Balevi bohle ba badilweng, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba bala, ho ya ka taelo ya Morena, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.
Morena a re ho Moshe: “Bala matsibolo wohle a bana ba batona ba bana ba Iseraele, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo; o ngole le palo ya mabitso a bona.
Nna, ke leng Morena, o nkabele Balevi bohle, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le matsibolo wohle a diphoofolo tsa Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a diphoofolo tsa bana ba Iseraele.”
Matsibolo wohle a ba batona, ho ya ka palo ya matsibolo a bona, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, ya eba dikete tse mashome a mabedi le metso e mmedi le makgolo a mabedi le mashome a supileng le metso e meraro.
“Nkabele Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le diphoofolo tsohle tsa Balevi bakeng sa matsibolo a bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Morena.
o tla nka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, o e nke bakeng sa e mong le e mong wa bona. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.
Ho matsibolo a bana ba Iseraele, Moshe a bokella silefera e etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e mehlano le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.