“Bonamo ba makgulo a potapotileng metse, ao o tla a abela Balevi, e be dimethara tse makgolo a mane le mashome a mahlano ho tloha marakong a motse, ho o potapota.
“Kathoko ho motse bolelele ba moedi e be dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka botjhabela, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka borwa, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka bophirimela, le dimethara tse makgolo a robong ka lehlakoreng le ka leboya, motse o be hare. Ana e tla ba wona makgulo a metse ena.
“Metse eo le tla e abela Balevi e tla ba metse e tsheletseng, eo ho tla tshabelwa ho yona, eo le e abelang ba bolaileng batho, hore ba balehele ho yona, mme kantle ho ena o tla ba abela metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.
Ha e le metse ya lefa la bana ba Iseraele, eo o tla e abela Balevi, o tla nka e mengata ho ba leng bangata, o nke e mmalwana ho ba leng mmalwana. Morabe o mong le o mong o tla nea Balevi metse ya wona ho lekana lefa leo o le fumaneng.”
Metseng ena e tsheletseng ke moo ho tla tshabela bana ba Iseraele, le ba jakileng hara bona, le baditjhaba; ke hore e mong le e mong ya bolayang motho e se ka morero o tla tshabela teng.
“ Empa haeba motho a batile motho e mong ka ntho e entsweng ka tshepe, eba motho eo o a shwa, eo ya mmatileng ke mmolai, mme mmolai enwa o tshwanetse ho bolawa.
kapa haeba a ka mo otla ka setebele ka baka la bora, mme eba eo o a shwa, eo ya mmolaileng ruri o tla bolawa, hobane ke mmolai. Mophetetsi wa madi a tsholotsweng o tla bolaya mmolai eo ha a kopana le yena.
Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.
eba mophetetsi wa madi a tsholotsweng o mo fumana kantle ho moedi wa motse oo a tshabetseng ho wona, mme mophetetsi eo wa madi a tsholotsweng o a mmolaya, ha a na ho ba le molato wa ho tsholla madi,
hobane mmolai o ne a tshwanetse ho dula motseng oo a tshabetseng ho wona ho fihlela Moprista e Moholo a eshwa. Kamora lefu la Moprista e Moholo ke hona mmolai a ka kgutlelang naheng ya habo.
“ Ha e mong a ka bolaya motho, mmolai eo o tla bolawa ho ya ka bopaki ba dipaki, empa bopaki ba paki e le nngwe bo ke ke ba etsa hore motho a ahlolelwe lefu.
“ Le se ke la amohela moputso o lopollang motho ya balehetseng motseng oo ho tshabelwang ho wona, hore a kgutlele naheng ya habo, pele Moprista e Moholo a eshwa.
“ Kahoo le se ke la silafatsa naha eo le phelang ho yona, hobane madi a tshollwang a silafatsa naha. Naha e ke ke ya etsetswa tefelo ya madi a tsholletsweng ho yona, haese feela ka madi a ya tsholotseng madi ao.