×

BIBELE Bible 1989

Luka 14

1
Eitse ha Jesu a ile dijong tlung ya e mong wa batsamaisi ba Bafarisi ka Sabatha, ba mo disa.
2
Pela hae ho ne ho ena le monna e mong ya kgotsheng seema.
3
Jesu a bua, a re ho Ditsebi tsa Molao le Bafarisi: “Na ho a dumellwa hore ho phekolwe ka Sabatha, kapa tjhe?”
4
Ba kgutsa. Yaba o a mo nka, o a mo fodisa, mme a mo lokolla.
5
A re ho bona: “Na e ka ba mang ho lona, eo ekareng ha ho wetse mora wa hae kapa pholo ya hae sedibeng, a ke keng a ntsha mora kapa pholo kapele ka tsatsi la Sabatha?”
6
Ba sitwa ho arabela ditaba tsena.
7
Jwale Jesu a bolella bamemuwa setshwantsho, ha a lemoha kamoo ba kgethang tulo tse kapele kateng, a re ho bona:
8
“Ha o memilwe ke motho moketeng wa lenyalo, o se ke wa dula ditulong tse kapele, esebe e mong ya o fetang ka ho hlompheha le yena o memilwe,
9
ebe ya le memileng o a tla, o re ho wena: Suthela monna enwa sebaka, ebe moo o qalang ho ya dula ka dihlong tulong tse kamorao.
10
Empa ha o memilwe, eya o dule ditulong tse kamorao, hore ha ya o memileng a etla, a tle a re ho wena: Motswalle, fetela ditulong tse kapele! ebe moo o fumanang hlompho mahlong a ba dutseng le wena,
11
hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”
12
Yaba Jesu o re le ho ya mo memileng: “Ha o etsa mokete wa dijo tsa motsheare kapa tsa mantsiboya, o se ke wa mema metswalle ya hao, leha e le bana beno, leha e le bang ka wena, leha e le barui bao o ahisaneng le bona, esere le bona ba boela ba o mema, kgalapa tsa buseletsana.
13
Empa ha o etsa mokete, mema mafutsana, le dihole, le diritsa, le difofu,
14
mme o tla ba lehlohonolo, hobane ba ke ke ba o buseletsa. O tla buseletswa mohla tsoho ya ba lokileng.”
15
Yare ha e mong wa ba memilweng hammoho a utlwa ditaba tseo, a re ho yena: “Ho lehlohonolo ya tla ba moketeng wa dijo Mmusong wa Modimo!”
16
Jesu a re ho yena: “Motho e mong o ile a etsa mokete o moholo wa dijo tsa mantsiboya, mme a mema ba bangata.
17
A roma mohlanka wa hae ka nako ya mokete ho ya re ho bamemuwa: Tloong, tsohle di lokisitswe.
18
“Yaba bohle ba itatola ka bomong ka ho tshwana. Wa pele a re ho yena: Ke rekile setsha, mme ke tlamehile ho ya se bona. Ke a o kopa, o ntatolele.
19
“E mong a re: Ke rekile dipholo tse lekanang joko tse hlano, mme ke sa ya di leka. Ke a o kopa, o ntatolele.
20
“E mong hape a re: Ke tswa nyala mosadi, mme nke ke ka tla ke hona.
21
“Mohlanka a kgutla, a tsebisa monga hae ditaba tseo. Ya eba moo monga ntlo a halefang, a re ho mohlanka wa hae: Phakisa o tswele ditseleng le ditselaneng tsa motse, o tlise kwano mafutsana, le dihole, le difofu, le diritsa.
22
“Mohlanka a re: Monghadi, ke phethile taelo ya hao, feela ho sa na le sebaka.
23
“Monga mohlanka a re ho yena: Tswela ditseleng le meterong, o ba qophelle ba kene, hore ntlo ya ka e tle e tlale,
24
hobane ke a o bolella hore ha ho le ya mong wa banna bane ba neng ba memilwe ya tla latswa dijo tsa ka. ”
25
Matshwelehadi a ne a tsamaya le Jesu, yaba o a reteleha, o re ho wona:
26
“Ha mang kapa mang a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi, le bana, le bana babo, le kgaitsedie, le bona bophelo ba hae, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.
27
Mang kapa mang ya sa nkeng sefapano sa hae, a ntshala morao, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.
28
“Ke mang ho lona, eo ereng ha a rata ho haha tora, a sa keng a dule pele ho etsa dikgakanyo tsa ditshenyehelo, ho bona hore o na le seo a ka e qetang ka sona?
29
Esere mohlomong ha a se a theile motheo, mme a hloka matla a ho e phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma,
30
ba re: Monna enwa o qadile ho haha, empa o sitilwe ho qeta!
31
“Kapa kgosi ke efe, eo ereng ha e ya thulana le kgosi e nngwe ntweng, e sa duleng pele ho imamella hore na ka bahlabani ba kete tse leshome e ka ba le matla a ho kgahlanyetsa e e futuhelang e ena le ba kete tse mashome a mabedi na?
32
Ho seng jwalo, ere eo e sa le hole, e romele maqosa ho phaphatha kgotso.
33
Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.
34
“Efela letswai le molemo, empa ha letswai le tapa, le ka tswaifatswa kang?
35
Ha le sa na thuso bakeng sa mobu, leha e le bakeng sa moitedi. Le lahlelwa kantle. “Ya nang le ditsebe ho utlwa a utlwe!”
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha