kamoo a neng a kene ka Tlung ya Modimo kateng, mme a nka bohobe bo halalelang, a bo ja, a fa le bao a neng a ena le bona, e leng boo a neng a sa dumellwa ho bo ja, bo jewa ke baprista feela?”
Hoba a theohe le bona, a ema motsitseng, ho ena le sehlopha se seholo sa barutuwa ba hae, le bongatangata ba setjhaba se tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la Tire le Sidone,
Haeba le adima bao le lebeletseng hore ba le buseletse, le ka lokelwa ke teboho efe? Esita le baetsadibe ba adima baetsadibe, hore ba tle ba buseletswe ho hokaalo.
Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.
fanang, mme le tla fuwa: mekotlaneng ya lona le tla tshellwa haholo, e hlohlwe, e hlokohlwe, e sasamale, hobane le tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyang ka yona.”
O ka re jwang ho ngwaneno: Ngwaneso, ere ke ntshe phatsa e ka leihlong la hao, wena o sa bone sekoqo se ka leihlong la hao? Moikaketsi, ntsha sekoqo se ka leihlong la hao pele, mme ke hona o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.
Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae.
O tshwana le motho ya hahang ntlo, ya ileng a tjheka, a tebisa, mme a thea motheo hodima letlapa; yare sekgohola ha se fihla, noka ya kgahlela ntlo eo, mme ya sitwa ho e sisinya, hobane e ne e hahilwe hantle.
Empa ya utlwang, a sa phethe, o tshwana le motho ya hahileng ntlo hodima mobu, e se na motheo, eo noka e ileng ya e kgahlela, yaba e heleha hanghang, mme tshenyeho ya ntlo eo ya eba kgolo.”