Jwale dinkgo tse tsheletseng, tsa lejwe, tseo e nngwe le e nngwe ya tsona e neng e tlatswa ka dilethara tse ka bang lekgolo, di ne di beilwe moo ho ya ka moetlo wa tlhwekiso wa Bajuda.
Ha motsamaisi wa mokete a latswa metsi a fetohileng veine, a sa tsebe moo e tswang teng, ho mpa ho tseba basebeletsi ba kgileng metsi, motsamaisi a bitsa monyadi,
a re ho yena: “Batho bohle ba ye ba qale ka veine e monate pele, mme ha bamemuwa ba se ba nwele, ba tlise e mpe; wena o bolokile veine e monate ho fihlela jwale.”
Hoba a etse sephadi ka dikgwele, a ba phahla bohle ka Tempeleng, le dinku, le dikgomo; a qhala ditjhelete tsa baananyi, mme a phethola ditafole tsa bona,
Yaba Bajuda ba re: “Tempele ena e ile ya hahuwa ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, empa wena o re o tla e tsosa ka matsatsi a mararo?”