Kamora matsatsi a mahlano Moprista e Moholo, Ananiase, a theoha le baholo ba bang, le mmuelli e mong ya bitswang Teretulose, ba qosa Paulosi kapele ho mmusisi.
Hoba Paulosi a bitswe, Teretulose a qala nyewe, a re: “Mohlomphehi Felekise ya kgabane, ke ka wena re fumaneng kgotso e tiileng. Dintjhafatso di bile teng setjhabeng sena ka ho ba sedi ha hao.
Hoba mmusisi a mo hwehle hore a bue, Paulosi a araba, a re: “Ka ho tseba hore o bile moahlodi wa setjhaba sena ka dilemo tse ngata, ke thabela haholo ho ikarabella hodima tseo ke qoswang ka tsona.
Ke ipolela ho wena hore Tsela ena eo ba reng ke ya mokga osele, ke eo ke rapelang Modimo ka yona. Empa ke ntse ke dumela tsohle tse dumellanang le Molao le tse ngotsweng dibukeng tsa Baporofeta.
Jwale Felekise ka ho tsebisisa tse ngata tsa Tsela ena a thisisa nyewe, a re: “Ke tla etsa qeto tabeng ya lona ha molaodi wa ba sekete, Losiase, a se a fihlile.”
Kamora matsatsi a seng makae, Felekise a tla le mohatsa hae, Derusilla wa Mojuda, mme a bitsa Paulosi, a mo mamela ha a bolela tsa tumelo ho Jesu Kreste.
Yare ha a ntse a bua ka ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tlang, Felekise a tshoha, a re: “Hajwale o ka tsamaya; ke tla o bitsa hamorao, ha ke ena le nako.”