Ha ho se ho rerilwe hore re tshele ka sekepe ho ya Italia, Paulosi le batshwaruwa ba bang ba neelwa molaodi e mong wa ba lekgolo, ya bitswang Juliase, wa lebotho le bitswang la Motlotlehi.
Ra kena ka sekepeng se tswang Adaramutinose, se neng se eya metseng e lebopong la Asia, re ena le Arisetarekose, wa Thesalonika, motse wa Masedonia, yaba re a tloha.
Ra tsamaya butle ka matsatsi a seng makae, mme ra fihla Kenidose ka bothata. Erekaha moya o no re thibela, ra tsamaya re ikgohlile ka Kerete, re tobane le hlwahlwa ya Salemone.
Ho ne ho se ho fetile nako e telele, letsatsi la mokete wa Boinyatso le lona le se le fetile; kahoo le leeto la sekepe le ne le se le le kotsi. Paulosi a ba eletsa,
Kaha kou ya dikepe e ne e sa lokela ho emisa dikepe nakong ya mariha, ba bangata ba dumellana ka hore ho tlohuwe moo, ka tshepo ya ho ya finyella le ho qeta mariha Foinikese, e leng kou ya Kerete e tobaneng le borwa-bophirima le leboya-bophirima.
Yare ha moya wa borwa o foka butle, mme ba hopola hore ba fihletse morero wa bona, yaba ba kgokgotholla sekepe, ba tsamaya ba sikile le lebopo, haufi le Kerete.
Ba se hulela ka sekepeng. Ba tlama sekepe ka mehala, mme ka baka la ho tshaba ho qahwa lehlabatheng la Siretise, ba diha seile, ba lesa sekepe ho ya moo se ratang.
Ha ho sa bonahale letsatsi kapa dinaledi ka matsatsi a mangata, empa sefefo sona se ntse se befile haholo, jwale tshepo ya hore re tla pholoha ya fela tu!
Erekaha ba ne ba qetile nako e telele ba sa je, Paulosi a ema hara bona, a re: “Banna, hojane le kile la mmamela, la se ke la tloha Kerete, le ka be le sa hlahelwa ke kotsi le tahlehelo ena.
la re: Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.
Ha re ntse re fefoha lewatleng la Adariya, ha e batla e eba hara mpa ya bosiu, bosiung ba leshome le metso e mene, batsamaisi ba sekepe ba bona eka ba atamela ho kang lebopo.
Yaba ba qhoqhotsa botebo ba metsi, mme ba fumana bo etsa dimethara tse mashome a mane. Hoba ba tsamatsamaye, ba qhoqhotsa hape, ba fumana bo se bo etsa dimethara tse mashome a mararo.
Yare ha batsamaisi ba sekepe ba rata ho baleha, ba se ba theoletse seketswana sa sekepe lewatleng, ba etsa eka ba akgela dingaparela tse tswang ka hloohong ya sona,
Ha bosiu bo esa, ba se ke ba tseba hore na ba lebopong lefe, empa ba bona kou e nang le lehlabathe, mme ba rera ho sesisetsa sekepe hona teng, haeba ho ka etsahala.
Ba kgaola dingaparela, ba di tlohela lewatleng, mme ka yona nako eo ba lokolla le mehala ya masokwana a sekepe. Ba nto phahamisa seile e kapele hore e kge moya, ba lebisa sekepe lebopong.
Yare ha ba fihla hlwahleweng e mateanong a maqhubu, ba lelemisetsa sekepe ho yona. Sefuba sa sona sa kgitla lehlabatheng, sa qawa, empa setono sona sa qala ho pshatlwa ke sefutho sa maqhubu.
Empa molaodi wa ba lekgolo, ka ho rata ho pholosa Paulosi, a ba thibela morerong oo wa bona. A laela ba tsebang ho sesa hore ba itihele metsing pele, ba yo fihla lebopong,
mme ho ba setseng, ba bang ba itshwarelle mapolankeng, ba bang mafatseng a tswang sekepeng. Ka mokgwa o jwalo, bohle ba fihla lebopong, mme ba pholoha.