Ha baahi ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: “Ruri motho enwa ke mmolai, eo le hoja a phonyohile lewatleng, ka toka a ke keng a dumellwa ho phela.”
Ba ne ba lebeletse hore o se a le lekgatheng la ho ruruha, kapa la ho otlana fatshe hanghang, mme a shwe. Empa hoba ba lebelle halelele, mme ba se ke ba bona letho le phoso le etsahalang ho yena, ba fetola maikutlo a bona, ba re: “Ke modimo!”
Jwale, hona dikarolong tse haufi le sebaka seo, ho ne ho ena le masimo a morenana wa moo, ya bitswang Poboleose. A re amohela ka mosa, a re boloka matsatsi a mararo re le baeti ba hae.
Jwale ha etsahala hore ntata Poboleose a robale fatshe, a tshwerwe ke feberu le letshollo le lefubedu. Paulosi a kena, a rapela, a mmea matsoho, mme a mo fodisa.
Kamora kgwedi tse tharo ra kena ka sekepeng se tswang Alekesanderia, se neng se ile sa tshabela mariha sehlekehlekeng seo. Sekepe seo se ne se ena le letshwao la medimo ya Bagerike ya Mafahla.
Kamorao ho moo, yare hoba badumedi ba leng Roma ba utlwele tsa rona, ba tla ho re kgahlanyetsa lebaleng la motse wa Apiuse, le moo ho thweng ke Dihoteleng tse Tharo, mme yare ha Paulosi a ba bona, a leboha Modimo, a kgoba matshwafo.
Ha etsahala hore kamora matsatsi a mararo, Paulosi a meme baetapele ba Bajuda. Ha ba se ba kopane a re ho bona: “Banna ba heso, le hoja ke sa etsa se hananang le setjhaba kapa le meetlo ya boholoholo, ke motshwaruwa ya tswang Jerusalema, ya neetsweng matsohong a Baroma.
Yaba ba re ho yena: “Ha re eso ka re amohela mangolo a tswang Judea a buang ka wena; hape ha ho eso be le ya mong wa badumedi ya kileng a fihla a bolela kapa a bua se sebe ka wena.
Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.
hobane pelo ya setjhaba sena e thatafetse, se thibane ditsebe, se itutubaditse; esere mohlomong sa bona ka mahlo a sona, sa utlwa ka ditsebe tsa sona, sa utlwisisa ka pelo tsa sona, sa sokoloha, yaba ke a se fodisa. ”