Nka thabela ha lona bohle le ka bua ka maleme asele, empa nka thabiswa haholo ke ha le porofeta. Ya porofetang ke motho wa bohlokwa ho feta ya buang ka leleme lesele, haese haeba yena a ka itlhalosa, e le hore phutheho e matlafale.
Jwale, bana beso, ho tla le thusa kang ha nka tla ho lona, ke bua ka leleme lesele, ntle le haeba puo ya ka e le senolela tsa Modimo, kapa tsebo, kapa boporofeta, kapa thuto?
Ho seng jwalo, ha ho ka ba teng phuthehong motho eo e esong ho be Mokreste, o tla re “Amen!” jwang thapelong ya hao ya teboho, athe ha a utlwisise seo o se bolelang?
Molaong ho ngotswe, ho thwe: “Ke tla bua le setjhaba sena ka maleme a batho basele, ka maleme a baditjhaba; leha ho le jwalo ha se a ka sa mmamela,” ho rialo Morena.
Ka baka leo, ha kereke yohle e phuthehetse sebakeng se le seng, mme bohle ba bua ka maleme asele, jwale ho kena bao e esong ho be Bakreste kapa ba sa dumeleng, na ha ba tlo re le a hlanya?
Jwale, ke tla reng bana beso? Ke re: Kamehla ha le phuthehile, e mong a bine sefela, e mong a rute, e mong a le senolele tsa Modimo, e mong a bue ka leleme lesele, e mong a hlalose puo eo. Tsena tsohle di etsetswe ho matlafatsa phutheho.
Haeba ho ena le seo ba lakatsang ho se tseba, eka kgona ba botse banna ba bona ha ba le malapeng a bona, hobane ho dihlong hore mosadi a bue phuthehong.
Haeba e mong o teng ya lekanyang hore ke moporofeta, kapa o na le neo ya Moya wa Modimo, eka kgona a hlokomele hore tseo ke le ngollang tsona ke molao wa Morena.