Na ho kile ha eba teng mohlabani ya sa fumaneng moputso wa hae? Kapa molemi ya sa kgeng morara wa tshimo ya hae? Kapa modisana ya sa jeng lebese la mohlape wa hae?
Na ha ho a totobala hore o bua ka rona, ha a rialo? E, ho hlile ho ngoletswe rona: ya lemang, kapa ya polang, o tshwanetse ho lema, kapa ho pola, ka tshepo ya hore o tla ba le kabelo dijong.
Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.
Empa nna, ha ke eso sebedise le e nngwe ya ditokelo tsena, ebile ha ke ngole tjena hore le nna ke di fumane. Nka mpa ka shwa, ho ena le hore motho a nkamohe lebaka lena la ka la ho ithorisa.
Ha ke na tokelo ya ho ithorisa hobane feela ke bolela molaetsa o molemo; etswe ke tlameha ho etsa jwalo. Nka ba madimabe haeba ke sa phatlalatse molaetsa o molemo.
Jwale moputso wa ka ke ofe? Ke hore ke bolele molaetsa o molemo ke sa lefuwe, ka ho se sebedise tokelo eo ke nang le yona ka baka la mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa oo.
Ho Bajuda ke bile jwaloka Mojuda, hore ke tle ke hape Bajuda. Leha nna ke se tlasa Molao wa Moshe, ho ba leng tlasa Molao oo ke bile jwaloka ya tlasa Molao, hore ke tle ke hape ba tlasa wona.
Hape, ho baditjhaba ba seng tlasa Molao wa Moshe, ke bile jwaloka ya seng tlasa Molao oo, hore ke tle ke hape ba seng tlasa wona. Hase ho re ha ke tlasa Molao wa Modimo, ke mpa ke le taolong ya molao wa Kreste.
Ha ke re le a tseba hore ba kenang dipapading tsa lebelo ba matha kaofela, empa moputso o fumanwa ke a le mong feela? Le lona mathang, le tle le iphumanele moputso.
Bohle ba kenang tlhodisanong ba thapisa mmele ya bona. Empa bona ba etsa jwalo hore ba tle ba fumane mofapahlooho o senyehang; athe rona re etsa jwalo hore re tle re fumane o sa senyeheng.