Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste.
Ho hang ha re a lokela ho ikopanya kapa ho itshwantsha le ba bang ba ikemelang. Empa ke dithoto, hobane tekanyo eo motho wa bona a itekanyang ka yona ke yena ka boyena, o ipapisa le yena ka boyena.
Rona ha re ka ke ra ithorisa ho feta tekanyo, haese ka ho ya ka tekanyetso ya mosebetsi oo Modimo a re abetseng wona, esita le ho tla fihla mona ho lona.
Ha re a tlola moedi wa rona, e leng se ka beng se etsahetse haeba a ne a sa akareletsa le lona, hobane re bile re fihlile le ho lona mona ho bolela molaetsa o molemo wa Kreste.
Ha re ithorise ho feta tekanyo ka mosebetsi o entsweng ke ba bang, empa tshepo ya rona ke hore ha tumelo ya lona e hola hara lona, le mosebetsi wa rona o tla hola, feela re sa tlole moedi wa rona.