“Yaba ke etsa areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane, ke betla matlapa a mabedi, a tshwanang le a pele, ke nyolohela thabeng, ke nkile matlapa ao a mabedi.
Jwalokaha a ne a ngole pele hodima matlapa ao, Morena a ngola melao e leshome, eo Morena a neng a le bolelle yona thabeng, a le kahara mollo, mohla le neng le phuthehile. Morena a nnea melao eo.
Bana ba Iseraele ba tsamaya, ba tloha Beerote-Bene-Jakane, ba leba Mosera, moo Arone a ileng a shwela teng, a ba a epelwa hona teng. Mora wa hae Eleasare ya eba moprista sebakeng sa ntatae.
Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.
“Ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka lekgetlo la pele, mme le ka yona nako eo Morena a mmamela, a se ke a rata ho le timetsa.
Morena a re ho nna: Ema, o tswele pele leetong, o etelle setjhaba sena pele. Sona se tla kena, se hape naha eo ke hlapanyeditseng bo-ntata sona hore ke tla se nea yona.
“Jwale, Iseraele, seo Morena Modimo wa hao, a se batlang ho wena ke sefe haese hore o tshabe Morena Modimo wa hao, o tsamaye ditseleng tsa hae tsohle, o mo rate, o sebeletse Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle;
“Bo-ntata lona ba ne ba theohele Egepeta e le batho ba mashome a supileng, empa jwale Morena Modimo wa lona, o le ngatafaditse jwaloka dinaledi tsa lehodimo.