Ha e le tse thuisang feela, kapa tse nang le dikgolana feela empa di sa thuise, tsona le se ke la di ja. Tsena ke kamele, le mmutla, le pela. Kahobane di a thuisa, empa ha di na dikgolana, ho lona ha di a hlweka.
Le hoja kolobe e ena le dikgolana, empa ha e thuise, ka baka leo, ho lona ha e a hlweka. Le se ke la ja nama ya yona, le sefifi sa yona le se ke la se ama.
“Le se ke la ja nama ya ntho efe le efe e itjhweletseng feela. Le ka e fa bajaki ba metseng ya lona, la e rekisetsa moditjhaba, hobane lona le setjhaba se halalelang ho Morena Modimo wa lona. “Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la mma yona.
Karolo ena e tswang ho tse leshome tsa koro ya lona, le tsa veine ya lona e ntjha, le tsa ole ya lona, le tsa matsibolo a lona a mehlape ya dikgomo le ya dinku, le tla e jella kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha hore a dule ho sona. Le etse jwalo hore le tle le ithute ho tshaba Morena Modimo wa lona, kamehla.
Ha Morena Modimo wa lona, a se a le hlohonolofaditse, mme eba leeto le le lelele haholo ho lona, hoo le sitwang ho isa dikarolo tsa lona tse tswang ho tse leshome, hobane sebaka seo Morena Modimo wa lona, a se kgethileng hore o tla dula ho sona, se le hole haholo le lona;
Tjhelete eo le e sebedise ho reka tsohle tseo le di ratang; e ka ba dipholo, kapa dinku, kapa veine, kapa jwala, kapa tsohle tseo le di batlang. Tsena le di jelle kapele ho Morena Modimo wa lona, le thabe hammoho le malapa a lona.
Jwale ho tla tla Molevi, hobane yena ha a na lefa jwaloka lona; ho tle le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, e leng ba ahileng kahara metse ya lona; ba je, ba kgore, e le hore Morena Modimo wa lona, a tle a le hlohonolofatse mosebetsing wohle oo le o etsang.