“Baprista, e leng Balevi, ke hore ba morabe wohle wa Levi, ha ba na ho ba le seabo lefeng la Iseraele; ba tla ja dinyehelo tsa dijo le dimpho, le diabo tse etsetswang Morena.
“Tsena e tla ba diabo tsa baprista tse tswang ho setjhaba, tse tswang ho ba etsang dinyehelo tsa setjheso; e ka ba pholo kapa nku, ba tla nea moprista sephaka, le ditlhaha, le mohodu.
“Ha Molevi ya tswang motseng ofe kapa ofe wa naha yohle ya Iseraele, moo a jakileng teng, a lakatsa ka moya wa hae wohle ho tla sebakeng seo Morena a tla se kgetha,
Hara lona ho se fumanwe le ya mong ya fetisang mora wa hae kapa moradi wa hae hara mollo, ya sebedisang bohohe; eo e leng molepi wa dinako, kapa senohe, kapa moloi,
Sena ke seo le neng le se kope ho Morena Modimo wa lona, ha le le thabeng ya Horebe, mohla letsatsi leo setjhaba se neng se phuthehile ka lona, la re: A re se hlole re utlwa lentswe la Morena Modimo wa rona hape; le mollo o moholo ona re se hlole re o bona hape, re tle re se ke ra shwa.
Ke tla ba hlahisetsa Moporofeta ya kang wena hara bana babo bona; ke tla mo ruta hore na a tle a reng, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.
Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.
Ha moporofeta a bua ka lebitso la Morena, empa ntho eo a e buang e sa etsahale, e sa phethahale, ntho eo ke e sa buuwang ke Morena. Moporofeta eo o e buile ka boikakaso; le se ke la mo tshaba.