Empa haeba motho eo a se haufi le wena, kapa o sa tsebe hore na ke mang, o tla e isa sakeng la hao, e be moo ho wena ho fihlela motho eo a e batla, mme ebe o e kgutlisetsa ho yena.
O tla etsa jwalo le ka tonki ya hae, o etse jwalo le ka seaparo sa hae, mme o tla etsa jwalo le ka dintho tsohle tse lahlehetseng motho e mong, tseo o di fumanang. O se ke wa iphapanyetsa tsona.
“E se ke yare ha o bona tonki ya motho e mong, kapa pholo ya hae e bothisitse pela tsela, yaba o iphapanyetsa yona. Ruri eka kgona o mo thuse ho e tsosa.
“Mosadi a se ke a apara seaparo sa banna, le monna a se ke a apara seaparo sa basadi, hobane e mong le e mong ya etsang dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao.
“Haekare o ntse o tsamaya tseleng wa tholla nonyana hodima sefate sefe kapa sefe, kapa fatshe, e ena le madinyane kapa mahe, mme nonyana eo e fuame madinyane kapa e alame mahe, o se ke wa ntshetsa nonyana eo le madinyane a yona.
“Ha o haha ntlo e ntjha, dintshing tsa marulelo a yona a sepapetlwa o hahe motero o a potapotang, e le hore ntlo ya hao e se ke ya ba le molato wa ho tsholoha ha madi, haeba motho a ka wa a le hodima yona.
“O se ke wa jala mefuta e mmedi ya dipeo tshimong ya hao ya morara, esere kotulo yohle ya seo o se jetseng, le ditholwana tsohle tsa morara, tsa o phonyoha.
ebe o mo qosa ka tseo e seng nnete, o mmua hampe, o re: Ke ile ka nyala mosadi enwa, empa ha ke qala ho robala le yena ke ile ka fumana e se e se morwetsana;
Jwale o mo qosa ka seo e seng nnete, o re: Ke fumane moradi wa hao e se e se morwetsana. Empa bopaki ba hore moradi wa ka ke morwetsana ke bona! Ba tla ala lesela kapele ho baholo ba motse.
ba be ba mo lefise silefera e ka etsang boima ba kilo e le nngwe ba e nee ntata morwetsana, hobane monna eo o sentse morwetsana wa Iseraele lebitso. Leha ho le jwalo, e tla nne e be mosadi wa hae, mme ha monna eo a ntse a phela a ke ke a hlala mosadi eo.
ngwanana eo o tla iswa monyakong wa ntlo yabo ebe banna ba motse wa habo ba mo tlepeletsa teng ka majwe, a be a shwe, hobane o sitetswe Iseraele ka ho etsa bohlola a ntse a le lapeng labo. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.
“Haeba monna a fumanwa a feba le mosadi wa monna e mong, monna eo le mosadi eo ya neng a feba le yena, ba tla bolawa bobedi ba bona. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.
bobedi ba bona o tla ba ntshetsa kantle ho kgoro ya motse, ba tlepeletswe teng ka majwe, ba be ba shwe. Ngwanana a bolawe hobane ha a a ka a hlaba mokgosi le hoja a ne a le kahara motse, monna le yena a bolawe hobane a tlontlolotse mosadi wa monna e mong. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.
“Empa haeba monna eo a teana le morwetsana eo ya lebeleditsweng ba le hara naha, eba o a mmeta, mme o robala le yena, ho tla bolawa monna eo a le mong.
Morwetsana yena ha o na ho mo etsa letho, kaha a sa etsa letho le lokelwang ke lefu. Ketso ena e tshwana le ya monna ya tsohelang motho e mong matla, eba o a mmolaya.
monna eo ya robetseng le morwetsana eo o tla lefa ntata morwetsana silefera e ka etsang boima ba halofo ya kilo e le nngwe, a be a mo nyale, hobane o mo dihile letswele. Ha monna eo a ntse a phela a ke ke a hlala mosadi eo.