hobane ha ba a ka ba le thusa ka dijo le ka metsi leetong la lona ha le etswa Egepeta. Hape ba ile ba le neella ka Bileame, mora wa Beore, ha le le Petore e Mesopotamia, hore a le rohake.
Empa Morena Modimo wa lona, ha a a ka a namela Bileame, mme Morena Modimo wa lona, o ile a fetola thohako eo hore e be tlhohonolofatso ho lona, hobane Morena Modimo wa lona, a ne a le rata.
Haeba e mong wa lona a ka silafala bosiu, ka baka la ho ntshetsa metsi a bonna diphateng, o tla tswela kantle ho diahelo, a se ke a kgutlela ka ho tsona hape.
Hara thepa ya hao o be le kgarashwana, mme ha o tswela kantle ho ya ithoma, o qale ka ho tjheka mokoti wa ho ithomela, mme ha o qetile ho ithoma o kwahelle mantle a hao ka mokoting oo.
Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla.
O se ke wa dumela hore tjhelete e lefang seotswa, kapa e lefang monna ya kgethetsweng ho etsetsa bohlola ka Tempeleng, e tliswe ka tlung ya Morena Modimo wa hao, ho lefella kano efe kapa efe. Bobedi ba dintho tsena ke manyala ho Morena Modimo wa hao.
“O se ke wa lefisa ngwaneno tswala hodima seo o mo adimileng sona; e ka ba tswala ya tjhelete, kapa tswala ya dijo, kapa tswala ya eng le eng eo ho yeng ho lefiswe motho tswala ha e adimilwe.
O ka lefisa moditjhaba tswala, empa ho ngwaneno o se ke wa batla tswala, e le hore Morena Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse mesebetsing yohle eo o e etsang naheng eo o tla fihla ho yona hore e be ya hao.
“Ha o etsetsa Morena Modimo wa hao kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane ruri Morena Modimo wa hao, o batla hore o e phethahatse; ho seng jwalo, e tla ba o entse sebe.
Seo o se buileng ka molomo wa hao, o tla hlokomela hore o se etse. O se etse ho ya kamoo o ikanetseng Morena Modimo wa hao kateng; o fane ka nyehelo ha boithaopo jwalokaha o buile.