“Ha ho ena le tsekisano pakeng tsa banna, ba tla tla lekgotleng la boahlodi, mme baahlodi ba ba ahlolele. Ba tla lokolla ya se nang molato, ba ahlole ya molato.
Haeba ya molato a lokela ho shapuwa, moahlodi o tla mo paqamisa, mme mo moahlodi a ntseng a bona, motho eo a shapuwe dithupa tse lekanang molato wa hae.
Moahlodi a ka mo ahlolela dithupa tse mashome a mane, e seng ho feta moo, esere haeba di ka feta moo, a shapuwa dithupa tse ngata ho feta tsena, ngwaneno a tlontlolleha mahlong a hao.
“Ha bana ba motho ba ahile mmoho, mme e mong wa bona a eshwa a se na mora, mosadi wa mofu a se ke a nyalwa ke eo e seng wa lelapa. Ngwanabo monna wa hae o tla mo kenela, a mo nke, e be mosadi wa hae, a phethe tshwanelo ya ngwanabo monna.
“Haeba monna eo a sa rate ho kenela mohatsa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ya motse, ho baholo, mme a re: Ngwanabo monna ka o hana ho tsosa lebitso la ngwanabo setjhabeng sa Iseraele; ha a batle ho phetha tshwanelo ya hae ho nna.
mohatsa ngwanabo o tla atamela ho yena, moo baholo ba ntseng ba bona, a mo rodise seeta leotong, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, a arabele, a re: Ho etswa tjena ka monna ya hanang ho tsosa ntlo ya ngwanabo!
“Ha banna ba babedi ba lwana, mme mosadi wa e mong a kena dipakeng ho namolela monna wa hae, ha a ntse a tetekwa ke ya lwanang le yena, eba o otlolla letsoho la hae, o mo tshwara ka makwalata,
O be le lejwe le bontshang boima, le nepahetseng, le sa hanyapetseng; o be le lefiswana le methang, le nepahetseng, le sa hanyapetseng, e le hore o tle o phele halelele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.
kamoo ba neng ba le futuhela tseleng kateng, ba bolaya ba neng ba saletse morao, ba bolaya le bohle ba neng ba fokola, ba le kamorao ho lona, ha lona le lapile, le kgathetse; ba ba bolaya ba sa tshabe Modimo.
Etlare ha Morena Modimo wa lona, a se a le phomoditse direng tsohle tsa lona tse le potapotileng, naheng eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona e le lefa, hore e be ya lona, le fedise lebitso la Baamaleke lefatsheng. Le se ke la ba la lebala!