A na a re: “Morena o ne a etswa Sinai, tjhaba a se tjhabela a etswa Seire; a phatsima a le hodima Thaba ya Parane, kete tsa bahalaledi di mo apere, ka le letona a utlile sabole e tukang malakabe.
“A hlohonolofatsa Juda, a re: “ Morena, sekeha tsebe o e sekehele sello sa Juda, o mmusetse ho ba morabe wa hae, a itshireletse ka matsoho a hae, o be mathusetsa ho yena direng tsa hae.
A bua ka mmae le ntatae, a re: “Ha ke eso mmone le ho mmona!” Esita le bana babo a ba latola, le bana ba hae a se ke a ba tseba. Ba hlokometse lentswe la hao, selekane sa hao ba se boloka.
Ako hlohonolofatse maruo a hae, Morena, mesebetsi ya hae o e amohele o nyakaletse. Kgahlola diholoholo tsa bamohloi, dira tsa hae di se hlole di ema hape.
ka tsa bohlokwa tsa lefatshe le tsohle tse ho lona, le ka ho ratwa ke ya ahileng sehlahleng. Tlhohonolofatso e theohele hodima Josefa, hodima hlooho ya ya kgethehileng hara bana babo.
Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase.
Ba tla bitsa ditjhaba ba di bitsetse thabeng, teng ba nyehele ka mahlabelo a ho loka; hoba ba tla mokonya dimomonane tsa mawatleng, le matlotlo a bofihla a lehlabathe.
Yena o ikgethetse karolo ya mantlha, o abetswe seabo sa molaodi. O tlile le hlooho tsa merabe, a phethahatsa ho loka ha Morena, le ditaelo tsa hae ho Baiseraele.
O lehlohonolo hakaakang, wena Iseraele! Ke mang ya ka tshwanang le wena? Le setjhaba se pholositsweng ke Morena, ke thebe ya lona e le thusetsang, ke yena sabole ya tlotla ya lona. Dira tsa lona di tla ineela ho lona, lona le di hatakele hodimo.”