Moshe a tloha diphuleng tsa Moabe, a nyolohela thabeng ya Nebo, a hlwella hodima tlhoro ya Pisega, e tadimaneng le Jeriko. Morena a mmontsha naha yohle, ho tloha Gileade ho ya fihla Dane,
Morena a re ho yena: “Ena ke naha eo ke ileng ke e hlapanyetsa Aborahama, le Isaka, le Jakobo, ka re: Ke tla e nea ditloholo tsa lona. Ke o dumeletse hore o e bone ka mahlo feela, empa o ke ke wa tshelela ho yona.”
Joshua, mora wa Nune, o ne a tletse moya wa bohlale, hobane Moshe o ne a ile a mmea matsoho. Bana ba Iseraele ba mo mamela, ba etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
Haesale ho tloha moo, ha ho eso ka ho eba le moporofeta ya kang Moshe naheng ya Iseraele, eo Morena a neng a bua le yena difahleho tsa bona di tadimane.
Ha ho eo Morena a kileng a mo romela naheng ya Egepeta ho ya etsa dipontsho tsohle le mehlolo yohle ho Faro, le ho bahlanka ba hae bohle, le ho naha ya hae yohle.
Ha ho ya kileng a etsa leha e le nngwe ya diketso tsohle tse tshabehang, tseo Moshe a ileng a di etsa ka letsoho le matla, moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona.