BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Nna Paulosi, le Silefanose, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, eo e leng ya Modimo Ntate le ya Morena Jesu Kreste, re re: Mohau le kgotso di ke di be le lona. |
| 2 |
| Kamehla re leboha Modimo ka baka la lona bohle, mme ha re phetse ho le hopola dithapelong tsa rona. |
| 3 |
| Pela Modimo, Ntata rona, re hopola mesebetsi ya tumelo ya lona, le boiteko ba lerato la lona, le tiisetso ya tshepo ya lona ho Morena wa rona Jesu Kreste. |
| 4 |
| Re tseba le hore, lona bana babo rona, ba ratwang ke Modimo, le kgethilwe ke yena, |
| 5 |
| hobane molaetsa o molemo wa rona ha o a ka wa tla ho lona ka dipolelo feela, empa o tlile le ka matla le ka Moya o Halalelang, le ka ho kgodiseha haholo. Ke seo re bileng sona hara lona ho le thusa, jwalokaha le tseba. |
| 6 |
| Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang. |
| 7 |
| Kahoo le fetohile mohlala ho badumedi bohle ba Masedonia le ba Akaya. |
| 8 |
| Ho tloha ha habo lona, lentswe la Morena ha le a ka la tuma Masedonia le Akaya feela, empa botumo ba tumelo ya lona ho Modimo bo ile ba fihla dibakeng tsohle, hoo re seng re sa hloke ho bua ka taba eo. |
| 9 |
| Bohle ba boledisa kamoo lona le re amohetseng hantle kateng, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo kateng. Le ile la lahla medimo ya bohata, e le hore le tle le sebeletse Modimo ya phelang, wa nnete, |
| 10 |
| mme le lebelle Mora wa hae ya tla tswa lehodimong, Jesu eo a mo tsositeseng bafung, yena ya tla re phemisa kgalefo e tlang. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/1thessalonians/001.mp3
5
1