BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pele ho tsohle, ke kgothaletsa hore dikopo, dithapelo, dithapello le diteboho di etsetswe batho bohle, |
| 2 |
| le dikgosi le bohle ba hlomphehang, e le hore re tle re phele bophelo ba boiketlo le ba kgotso ka borapedi le ka boitlhompho. |
| 3 |
| Hona ho hotle, mme ho kgahlisa Modimo, Mopholosi wa rona, |
| 4 |
| ya ratang hore batho bohle ba pholohe, mme ba tsebe nnete. |
| 5 |
| Modimo o mong, le mmoelanyi pakeng tsa Modimo le batho o mong, e leng Kreste Jesu eo e leng motho, |
| 6 |
| ya ikentseng tefello ya bohle. Bopaki ba hona bo ile ba bonahala ka nako ya teng. |
| 7 |
| Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano. |
| 8 |
| Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano. |
| 9 |
| Ka mokgwa o jwalo, diaparo tsa basadi e be tse lokelang. Ba ikgabise ka tshwanelo le ka boitlhompho, e seng ka ho fora moriri, kapa ka mekgabiso ya kgauta, kapa ka mabenyane a bohlokwa, kapa ka diaparo tse theko e boima. |
| 10 |
| Ba ikgabise ka diketso tse lokileng, tse tshwanelang basadi ba ipolelang hore ba hlompha Modimo. |
| 11 |
| Mosadi a mamele thuto a kgutsitse, ka boikokobetso bohle. |
| 12 |
| Ha ke dumelle mosadi ho ruta kapa ho laola monna, empa o lokela ho kgutsa, |
| 13 |
| hobane Adama o ile o boptjwa pele, ya nto ba Eva. |
| 14 |
| Hase Adama ya ileng a thetswa, ke mosadi ya ileng a thetswa, mme a tlola molao. |
| 15 |
| Empa basadi ba tla pholoswa ka ho beleha bana, ha feela ba tiisetsa tumelong, le leratong, le kgalalelong, mme ba itlhompha. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/1timothy/002.mp3
6
2