Molao wa Moshe e bile seriti feela sa tse molemo tse tlang ho tla, e seng setshwantsho sa nnete sa dintho tseo. Ka mahlabelo wona ao, a nyehelwang ka selemo le selemo hoyahoile, Molao ha o ka ke wa etsa hore ba nyehelang ka wona ba phethehe.
Ho seng jwalo, batho ba ka be ba kgaoditse ho nyehela ka mahlabelo ao, hobane barapedi, ha ba ne ba se ba kile ba hlwekiswa hanngwe, ba ne ba ke ke ba hlola ba eba le letswalo.
O qadile ka ho re: “Mahlabelo, le dinyehelo, le ditjheso, le mahlabelo ka baka la dibe, ha o di batle, ha di o kgahlise,” leha di nyehelwa ho ya ka Molao.
“Selekane seo ke tla se etsa le bona ha matsatsi ao a fetile, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, kahara dipelo tsa bona.”
Kahoo a re atameleng ka dipelo tse tshepahalang, le ka tumelo e tletseng, re hlwekisitswe dipelo ho kgutsisa matswalo a rona, re hlatswitswe mmele ka metsi a hlwekileng.
Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.
Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!
Ka nako e nngwe le ile la fetolwa se-bonwang-se-bonwa-ke-bohle ka ho hlapaolwa le ka ho hloriswa; ka nako e nngwe la etswa balekane ba ba etswang tse jwalo.
Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng.