Re boleletswe molaetsa o molemo jwaloka bona, empa lentswe leo ba le rutilweng ha le a ba tswela molemo, hobane ba le utlwileng ha le a ka la ba lomosa tumelong.
Rona ba dumetseng re fela re kena phomolong, jwalokaha a itse: “Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka. ” A rialo le hoja mesebetsi ya hae e ne e phethahale ho tloha tlholehong ya lefatshe,
Ka hona Modimo o boetse o kgethile letsatsi le leng, leo a reng ke: “Kajeno”. Ha ho se ho fetile dilemo tse ngata, mme a bua ka molomo wa Davida, o sebedisa mantswe a seng a boletswe, o re: “Kajeno ha le utlwa lentswe la hae, se thatafatseng dipelo tsa lona.”
Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.
Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.