BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Re le ngolla tsa Lentswe la bophelo, le bileng teng ho tloha tshimolohong, leo re ileng ra le utlwa, ra le bona ka mahlo a rona, ra le boha, ra ba ra le ama ka matsoho a rona. |
| 2 |
| Bophelo boo bo ile ba iponahatsa, mme ra bo bona. Kahona re a bo paka, mme re le bolella tsa bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme bo iponahaditseng ho rona. |
| 3 |
| Seo re ileng ra se bona, le seo re ileng ra se utlwa, re le bolella sona, e le hore le lona le tle le phedisane le rona, mme ho phedisana ha rona le lona ke ho phedisana le Ntate le Mora wa hae, Jesu Kreste. |
| 4 |
| Re le ngolla tsena hore le tle le thabe, mme thabo ya lona e be e tletseng. |
| 5 |
| Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang. |
| 6 |
| Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete. |
| 7 |
| Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle. |
| 8 |
| Haeba re re ha re na sebe, re a ithetsa, mme nnete ha e yo ho rona. |
| 9 |
| Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile. |
| 10 |
| Haeba re re ha re eso etse sebe, re re o leshano, mme lentswe la hae ha le yo ho rona. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/1john/001.mp3
5
1