Ka boela ka bona motse o halalelang, Jerusalema e ntjha, o theoha lehodimong, ho Modimo, o hlophehile hantle, jwaloka monyaduwa ha a ikgabiseditse monyadi wa hae.
Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.
O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”
Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”
Jwale le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, a tletseng dikotlo tse supileng tsa qetello, la tla, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe monyaduwa, mohatsa Konyana.”
O ne o sireleditswe ke lerako le letenya, le phahameng, le nang le dikgoro tse leshome le metso e mmedi, tse lebetsweng ke mangeloi a leshome le metso e mmedi. Dikgorong ho ne ho ngotswe mabitso, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bara ba Iseraele.
Ho ne ho ena le dikgoro tse tharo ka nqa botjhabela, dikgoro tse tharo ka nqa leboya, dikgoro tse tharo ka nqa borwa, le dikgoro tse tharo ka nqa bophirimela.
Lerako la motse le ne le ena le majwe a leshome le metso e mmedi a motheo, ao ho wona ho ngotsweng mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ba Konyana.
Motse o ne o ena le dikgutlo tse nne, bolelele ba wona bo ne bo lekana le bophara ba wona. Lengeloi la metha motse ka leqala la lona: o ne o etsa dikilomethara tse fetang dikete tse pedi; bolelele, bophara le bophahamo di ne di lekana.
Majwe a motheo a motse a ne a kgabisitswe ka majwe a bohlokwa, a mefutafuta. Lejwe la motheo la pele e ne e le la jasepere, la bobedi e le la safire, la boraro e le la akate, la bone e le la emeraleda,
la bohlano e le la oniki, la botshelela e le la kareneleane, la bosupa e le la kirisolithe, la borobedi e le la berile, la borobong e le la topase, la leshome e le la kirisophase, la leshome le motso o mong e le la turukose, la leshome le metso e mmedi e le la ametise.
Dikgoro tse leshome le metso e mmedi e ne e le tsa mabenyane a bohlokwa a leshome le metso e mmedi; kgoro e nngwe le e nngwe e betlilwe ka lebenyane la bohlokwa le le leng. Lebala la motse e ne e le la kgauta e hlwekileng, e bonaletsang jwaloka kgalase.
Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.