Mosadi wa Gileade a mo tswalla bara. Yare ha bara ba mosadi eo wa hae ba se ba hodile ba leleka Jafeta, ba re ho yena: “O ke ke wa ja lefa la ntata rona, hobane o mora wa mosadi osele.”
Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Ke ka baka leo re tlileng ho wena jwale, hore o ye le rona, o yo lwantsha Baamone, mme o tla ba moetapele wa baahi bohle ba Gileade.”
Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Haeba le nkgutlisetsa haeso hore ke yo lwantsha Baamone, mme eba Morena o neelana ka bona ho nna, na ke tla ba moetapele wa lona?”
Yaba Jafeta o tsamaya le baholo ba Gileade, mme setjhaba sa mo etsa moetapele wa sona le molaodi wa sona. Jafeta a pheta dipolelo tsa hae tsohle a le Misepa, moo Morena a ntseng a bona.
Yaba kgosi ya Baamone e re ho maqosa a Jafeta: “Ke hobane Baiseraele, ha ba ne ba etswa Egepeta, ba ne ba hape naha ya ka ho tloha Arenone, ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla Jorodane; ka baka leo, nkgutlisetse naha eo ka kgotso.”
Yaba Baiseraele ba romela maqosa ho kgosi ya Edomo, ba re ho yona: Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao, empa kgosi ya Edomo ya se ke ya ba mamela. Ka mokgwa o jwalo ba romela maqosa le ho kgosi ya Moabe, le yona ya hana, mme Baiseraele ba hlola Kadeshe.
“Jwale ba tsamaya hara lehwatata, ba kekoloha naha ya Edomo, le naha ya Moabe, ba ya fihla ka botjhabela ho naha ya Moabe, ba hloma kamose wane ho Arenone. Empa ha ba a ka ba kena moeding wa Moabe, hobane Arenone e ne e le yona moedi wa Moabe.
“Jwale Baiseraele ba romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Baamore, e leng kgosi ya Heshebone, ba re ho yena: Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao, ho ya naheng ya rona.
“Empa Morena Modimo wa Iseraele, a neelana ka Sihone le setjhaba sohle sa hae matsohong a Baiseraele. Baiseraele ba ba hlola, ba hapa naha yohle ya Baamore, e leng baahi ba naha eo.
Ba hapa naha yohle ya Baamore, ho tloha Arenone ka borwa, ho ya fihla Jaboko ka leboya le ho tloha lehwatateng ka botjhabela, ho ya fihla Jorodane ka bophirimela.
Ruri seo modimo wa lona Kemoshe a le neileng sona ke sa lona; le rona re hapa naha ya e mong le e mong eo Morena Modimo wa rona, a mo lelekileng kapele ho rona.
Ke dilemo tse makgolo a mararo Baiseraele ba ahile Heshebone le metsaneng ya yona, le Arowere le metsaneng ya yona, le metseng yohle e lebopong la Arenone. Ke hobaneng le sa kang la re amoha yona ka nako ee kaofela?
Ka baka leo, ha ke a o sitelwa ka letho, mme o etsa hampe ka ho ntwantsha. Eka ka letsatsi lena Morena a ka ahlola pakeng tsa bana ba Iseraele le Baamone.”
Jwale Moya wa Morena wa aparela Jafeta. A feta hara naha ya Gileade le Manase, a fihla Misepa e Gileade. Ho tloha Misepa e Gileade a fetela ho Baamone.
etlare ha ke kgutla ke hlotse Baamone, mang kapa mang ya tla tswa tlung ya ka ho nkgahlanyetsa, e tla ba wa Morena, mme ke tla etsa nyehelo ya setjheso ka yena.”
Jafeta a ba etsa mofela ho tloha Arowere, ho ya fihla Minite. A timetsa metse e mashome a mabedi, ho ya fihla Abele-Keramime, a ba rinya haholo. Ka mokgwa o jwalo bana ba Amone ba hlolwa ke bana ba Iseraele.
Ha Jafeta a kgutlela ha hae, moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa meropa, a etsa motjeko. E ne e le yena feela ngwana wa hae; ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi e mong.
Ha Jafeta a mmona, a hahola diaparo tsa hae, a re: “Jo, moradi wa ka wee! O nkutlwisetsang bohloko hakaale! Na ke wena ya ka ntlisetsang bomadimabe? Ke etseditse Morena kano, mme nke ke ka e kwenehela!”
Moradi wa hae a re ho yena: “Ntate, o etseditse Morena kano; etsa seo o ileng wa re o tla se etsa ka nna, hobane Morena o o pheteleditse ho dira tsa hao, e leng Baamone.”
A boela a re ho ntatae: “Nketsetse ntho ena e le nngwe feela: Ntumelle ke be mong feela ka dikgwedi tse pedi, ke tsamaye le thaka tsa ka ke yo lelera hara dithaba, ke llele hore ke tla shwa ke le morwetsana.”
Yaba ntatae o re: “Tsamaya!” A mo dumella ho ba siyo ka kgwedi tse pedi. A tsamaya le thaka tsa hae, a ya dithabeng, a ya llela hore o tla shwa e ntse e le morwetsana.
Kamora dikgwedi tse pedi a kgutlela ho ntatae, mme ka yena ntatae a phetha kano eo a e etseditseng Morena, moradi wa hae a shwa e ntse e le morwetsana. Hona ya eba moetlo wa Baiseraele,