Tsena ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di tlohela tsa sala hore a leke Baiseraele ka tsona, e leng ba bangata ba sa kang ba tseba dintwa tsohle tsa Kanana.
Ditjhaba tseo ke tsa marena a mahlano a Bafilesita, le Bakanana bohle, le Basidone, le Bahife, e leng baahi ba thaba ya Lebanone, ho tloha Baale-Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.
Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme a neelana ka bona matsohong a Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame-Naharaime, mme bana ba Iseraele ba sebeletsa Kushane-Rashataime ka dilemo tse robedi.
Moya wa Morena wa theohela hodima hae, ya eba moahlodi wa Baiseraele. A futuha, mme Morena a neelana ka Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame, matsohong a hae. Oteniele a hlola Kushane-Rashataime.
Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo.
Ehude o ne a iketseditse sabole e hlathang ka mahohle, bolelele ba yona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. O ne a e tlama tlasa seaparo sa hae, hodima qholo ya letsoho la hae le letona.
Empa yena a kgutla ha a le pela medimo e betlilweng ka majwe, e pela Gilegale; a fihla, a re: “Motlotlehi kgosi, ke o tliseditse thomo ya lekunutu.” Kgosi ya re: “Kgutsang!” Bohle ba neng ba eme pela kgosi ba tswela kantle.
Ehude a tla ho kgosi, e dutse kamoreng e maphodi, e kahodimo, eo e neng e le ya yona e inotshi. Ehude a re: “Ke na le molaetsa wa hao, o tswang ho Modimo.” Egelone a phahama setulong.
Ha a se a tswile, bahlanka ba kgosi ba tla. Ba bona hore mamati a kamore e kahodimo a notletswe, mme ba re: “O sa ntsane a ithoma ka ntlwaneng ya kamore e maphodi.”
Ba lebella ho fihlela ba be ba belaela. Ha ba bona a sa bule mamati a kamore e kahodimo, ba nka senotlolo ba notlolla. Ba bona kgosi ya bona e tjapaletse fatshe, e shwele.
Yaba o re ho bona: “Ntateleng, hobane Morena o neelane ka dira tsa lona, e leng Bamoabe, matsohong a lona.” Ba theoha ba mo latetse, ba hapa madiboho a Jorodane ao Bamoabe ba tshelang ho wona, mme ba se ke ba dumella le ya mong ho tshela.
Ka yona nako eo ba bolaya banna ba Moabe ba ka bang kete tse leshome, bohle e le banna ba dikwankwetla, le banna ba bahlabani, mme ha se ke ha phonyoha le ya mong.
Kamora Ehude moahlodi ya eba Shamegare, mora wa Anate, ya neng a bolaye Bafilesita ba makgolo a tsheletseng ka tsenene e potlakisang dipholo, mme le yena a namolela Baiseraele.