“Morena, ha o futuha o etswa Seire, o haola, o etswa naheng ya Edomo, lefatshe la na la thothomela, mahodimo a thwathwaretsaka, e, maru a nesa ya ditlwebelele.
Ba ikgethela medimo e metjha, ntwa ya eba teng kgorong tsa metse ya bona. Hara ba kete tse mashome a mane tsa Baiseraele, na ho kile ha bonwa thebe kapa lerumo?
Holehole le marata a bo-rametsu, bakeng tseo ho kguwang metsi ho tsona, teng ba tla pheta ketso tse lokileng tsa Morena, ketso tse lokileng tsa babusi ba hae ba Iseraele; jwale tjhaba sa Morena sa theohela kgorong tsa metse.
Banna ba Efraime ba theohela naheng ya Amaleke, Benjamine a o latela a le hara mabotho a hao. Balaodi ba theoha ba etswa ha Makiri, ha Sebulone ha tswa ba nkileng mokgele wa molaodi.
Mahosana a Isakare a tsamaya le Debora, Isakare le yena a tsamaya le Barake, ya eba letlaburu retheng tsa hae ho leba kgohlong. Ba morabe wa Rubene ba ferekana, ba ipotsa hore na ba ka ya thusetsa.
“ Rohaka Merose, ho rialo ngeloi la Morena, O rohake, o rohake le baahi ba yona, hobane ha ba a ka ba thusa Morena, ha ba a ka ba thusa Morena direng tsa hae.
Ka tsoho le letshehadi a nka thakgisa ya tente, ka tsoho le letona a nka noto, a ngaba Sisera ka yona, a pshatla hata la hae, a kgokgothella thakgisa tlhafunelong ya hae.
“Mma Sisera a hlaha ka fesetere a qamaka, a howa a le kamora lesira, a re: Kariki ya hae ya ntwa e diehile hakaakang? Diqi tsa dipere tsa hae ha di utlwahale keng?
Ba hapile, ba arolelana tsa kgapo, mohlabani ka mong o abelwa morwetsana, kapa o abelwa barwetsana ba le babedi; Sisera o abelwa seaparo se mebala, seaparo se mebala, se homilweng; aparo tse pedi, tse homilweng, tsa molaleng, ke tsa ka!
“Dira tsohle tsa hao a di ke di timele, Morena, empa ba o ratang ba be jwaloka letsatsi, letsatsi ha le tjhaba ka matla a lona.” Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.